Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 28:15 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ho tloha moo, ha baena ba utlwa taba tsa rona, ba tla ho re kgahlanyetsa ho ya fihla Lepatlelong la Apio le Matlong a Phapohelo a Mararo; yare ha Pauluse a ba bona, a leboha Modimo, a beta pelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Le teng, baena ha ba utlwa taba tsa rona, ba tla re kgahlanyetsa Lepatlelong la Apiuse le moo ho thweng ke Matlung a phapohelo a mararo; yare ha Pauluse a ba bona, a leboha Modimo, a beta pelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Kamorao ho moo, yare hoba badumedi ba leng Roma ba utlwele tsa rona, ba tla ho re kgahlanyetsa lebaleng la motse wa Apiuse, le moo ho thweng ke Dihoteleng tse Tharo, mme yare ha Paulosi a ba bona, a leboha Modimo, a kgoba matshwafo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Ho tloha moo, ha baena ba utlwa taba tsa rona, ba tla ho re kgahlanyetsa ho ya fihla Lepatlelong la Apio le Matlong a Phapohelo a Mararo; yare ha Pauluse a ba bona, a leboha Modimo, a beta pelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 28:15
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nka makala a dipalema, a tswela ho mo kgahlanyetsa, a howa, a re: Hosana!


Matsatsing ao Petrose a ema hara barutuwa, a re: (palo ya mabitso e batla e ka ba lekgolo le mashome a mabedi).


Yaba o ba biletsa ka hare, a ba fa baeti. Hosasane, Petrose a tloha le bona, mme baena ba bang ba Jopa ba ya le yena.


Yare ha Petrose a kena, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a mo kgumamela.


Baapostola le baena ba leng Judea ba utlwa hore baditjhaba le bona ba amohetse lentswe la Modimo.


Yaba Moya o re ke ye le bona, ke sa belaele letho. Hape, le bara bao ba tsheletseng ba ya le nna, mme ra kena tlung ya monna eo;


Mme a ba gwetlha ka seatla gore ba didimale, a ba bolelela ka fa Morena a mo ntshitseng mo ntlong ya kgolegelo ka teng. A re: Bolellang Jakobo le baena taba tseo. A tloha, a ya sebakeng se seng.


Eitse hobane re qete matsatsi ao, ra tloha, ra ikela; mme bohle ba re felehetsa, le basadi le bana, ho fihlela kantle ho motse;


Moo ra fumana baena, mme ra kopelwa ho hlola le bona matsatsi a supileng, mme ra leba Roma.


Etlare ha ke etela Sepania, ke tla tla ho lona; hobane ke tshepile ho le bona ha ke le leetong, le ho nkisa teng, ha ke se ke kgotshe ho ba le lona.


A ho lebohuwe Modimo ya re fang tlholo kamehla ka Kreste, mme a bonahatsa monko wa tsebo ya wona ka rona dinqalong tsohle.


Mme moleko wa me o o neng o le mo nameng ya me ga lo a ka lwa nnyatsa, le fa e le go o nyatsa; empa le nkamohetse jwaloka lengeloi la Modimo, jwalokaha ke le Kreste Jesu.


Ka baka leo, bana beso, re tshedisitswe ke lona mahlomoleng wohle le matshwenyehong a rona ka tumelo ya lona.


Hopolang ba ditlamong jwaloka hoja le le ditlamong le bona; le ba hloriswang, jwaloka hoja le sa le mmeleng le lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ