Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 25:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Empa ba ne ba ena le dipelaelo tse itseng ho yena mabapi le tumelo ya bona, le ka Jesu e mong ya neng a shwele, eo Pauluse a neng a tiisa hore o a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ba mpa ba mo qosa ka ditaba tse ding tsa tumelo ya bona feela, le tsa e mong ya shweleng, ya bitswang Jesu, eo Pauluse a neng a tiisa hore o a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ba phehisana kgang le yena ka taba tse itseng tsa bodumedi ba bona, le ka e mong eo ho thweng ke Jesu, ya neng a shwe, empa eo Paulosi a tiisang hore o a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Empa ba ne ba ena le dipelaelo tse itseng ho yena mabapi le tumelo ya bona, le ka Jesu e mong ya neng a shwele, eo Pauluse a neng a tiisa hore o a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 25:19
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.


Hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka ho loka, ka monna eo a mmeileng; e leng seo o se tshepisitseng bohle ka ho mo tsosa bafung.


Empa ha e le taba ya mantswe, le mabitso, le ya molao wa lona, le bone yona; hobane ha ke na ho ba moahloli oa litaba tse joalo.


Yaba o fihla Efese, a ba tlohela teng, empa yena a kena sinagogeng, a buisana le Bajuda.


Jesu eo Modimo o mo tsositse, mme rona bohle re dipaki tsa taba eo.


Ke ile ka bona hore o qoswa ka ditaba tsa molao wa bona, empa a se na letho leo a qoswang ka lona le lokelang lefu kapa ditlamo.


Eitse ha baqosi ba ema kgahlano le yena, ba se ke ba hlahisa qoso le e nngwe ya tseo ke neng ke di hopotse.


Eitse ha a fihla, Bajuda ba theohileng Jerusalema ba mo teela hare, ba qosa Pauluse diqoso tse ngata, tse boima, tseo ba sitilweng ho di tiisa.


Haholo hobane ke tseba o le setsebi sa meetlo yohle le diqabang tsohle tsa Bajuda;


Ke nna ya phelang, mme ke ne ke shwele; mme, bona, ke phela ka ho sa feleng, Amen; mme ke na le dinotlolo tsa lefu le dihele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ