Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 23:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mme ha tsoha mohoo o moholo, mme bangodi bao e neng e le ba Bafarisi ba ema, ba tsekisana, ba re: “Ha re fumane letho le lebe ho motho enwa; empa ha moya kapa lengeloi le buile le yena, re se ke ra lwantsha Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jwale, ha etswa lerata le leholo. Bangodi ba emelang bafarisi ba ema, ba araba, ba re: Ha re fihlele bobe leha bo le bong ho motho eo; ha ekaba moya o fela o buile le yena, kapa lengeloi, a re se keng ra lwantsha Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ha hlaha leratahadi, mme ba bang ba Ditsebi tsa Molao, ba mokga wa Bafarisi, ba hanyetsa ka matla, ba re: “Ha re fumane bobe ba letho ho motho enwa; mohlomong moya kapa lengeloi le buile le yena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Mme ha tsoha mohoo o moholo, mme bangodi bao e neng e le ba Bafarisi ba ema, ba tsekisana, ba re: “Ha re fumane letho le lebe ho motho enwa; empa ha moya kapa lengeloi le buile le yena, re se ke ra lwantsha Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 23:9
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha bangodi le bafarisi ba mmona a eja le balekgetho le baetsadibe, ba re ho barutuwa ba hae: O jela jwang le balekgetho le baetsadibe?


A re ho bona kgetlo la boraro: Hobaneng, o entse bobe bofe? Ha kea fumana molato oa lefu ho eena;


Pilato a re ho baprista ba baholo le ho bongata: Ha ke fumane molato ho monna enwa.


Bangodi le Bafarisi ba bona ba korotlela barutuwa ba hae, ba re: “Ke ka baka lang ha le ja le balekgetho le baetsadibe, le nwa le bona?


Batho ba emeng teng, ba utlwa, ba re ho a duma; ba bang ba re: Lengeloi le buile le yena.


Erekaha Modimo o ba neile neo e tshwanang le eo o faneng ka yona ho rona, ba dumetseng ho Morena Jesu Kreste; ke ne ke le eng, ke tle ke hanele Modimo?


Eitse ha ke ntse ke le leetong, mme ke atamela Damaseka, hoo e ka bang motsheare, hang ka teelwa hare ke lesedi le leholo le tswang lehodimong.


Yaba ke wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: Saule, Saule, o ntlhorisetsang?


Ke ile ka bona hore o qoswa ka ditaba tsa molao wa bona, empa a se na letho leo a qoswang ka lona le lokelang lefu kapa ditlamo.


Hobane Basadusi ba re ha ho tsoho ya bafu, leha e le lengeloi, leha e le moya;


Empa ka fumana a sa etsa letho le lokelwang ke lefu, mme le yena ka boyena o ipileditse ho Augustase, ka rera ho mo romela.


Eitse hobane ba kgelohe, ba buisana, ba re: “Monna enwa ha a etse letho le tshwanelang lefu kapa ditlamo.


Hobane bosiung bona ho ne ho eme pela ka lengeloi la Modimo oo ke leng wona, oo ke o sebeletsang.


Empa ha e le ya Modimo, le ke ke la e fedisa; esere mohlomong la fumanwa le lwantsha Modimo.


A wela fatshe, a utlwa lentswe le re ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?


Na re ka boulella Morena? na re mo feta ka matla na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ