Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 23:35 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 A re: Ke tla o utlwa ha baqosi ba hao ba fihla. Mme a laela hore a bolokwe ka tlung ya kahlolo ya Heroda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 a re: Ke tla o utlwa ha baqosi ba hao ba se ba tlile. A ba a laela hore a lebelwe ka tlung ya Heroda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 “Ke tla o mamela ha baqosi ba hao le bona ba se ba fihlile.” Mmusisi a laela hore Paulosi a bolokwe tlung ya Heroda ya bokgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 A re: Ke tla o utlwa ha baqosi ba hao ba fihla. Mme a laela hore a bolokwe ka tlung ya kahlolo ya Heroda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 23:35
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha Jesu a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, ba bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,


Heroda, ha a bona hobane o songoa ke ba Bohlale, a halefa haholo, a romela ho bolaea bana bohle ba Bethlehema le mathokong ’ohle a teng, ho qala ka ba lilemo tse peli ho ea tlaase, ho ea ka molao nako eo a neng a botsitse ka eona ho banna ba bohlale.


Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, a tshoha, le Jerusalema yohle le yena.


Jwale bahlabani ba mmusisi ba isa Jesu ka tlung ya bodulo, ba phuthela lekgotla lohle la bahlabani ho yena.


Yaba ba tlosa Jesu ho Kaiafa, ba mo isa tlung ya kahlolo; mme bone ka bobone ba se ka ba tsena mo ntlong ya boatlhodi, gore ba se ka ba itshekololwa; empa ba tle ba je Paseka.


Eitse hobane ke tsebiswe kamoo Bajuda ba laletseng monna eo kateng, ka phakisa ka romela ho wena, mme ka laela baqosi ba hae hore ba bue pela hao tseo ba mo qosang ka tsona. Sala hantle.


Eitse hobane ho fete matsatsi a mahlano, Ananiase, moprista e moholo, a theoha le baholo, le mmuelli e mong ya bitswang Tertulase;


Pauluse, ha mmusisi a mo hweditse hore a bue, a araba, a re: Erekaha ke tseba hobane o bile moahlodi wa setjhaba sena ka dilemo tse ngata, ke ikarabela ka thabo e kgolo.


Ke bafe ba neng ba tlamehile ho ba teng pela hao ho qosa, ha ba ne ba ena le taba le nna.


Eitse ha Felikse a utlwa taba tseo, kahobane a ne a tsebile ka ho phetheho ya Tsela eo, a ba diehisa, a re: Etlare hobane Lisiase, molaodi wa sekete, a theohe, ke tla tseba ditaba tsa lona ka botlalo.


A laela molaodi wa lekgolo hore a lebele Pauluse, mme a be le bolokolohi, mme ho se ke ha hanelwa ba habo ho mo sebeletsa, leha e le ho tla ho yena.


Ka ba araba ka re: “Hase mokgwa wa Baroma ho nehelana ka motho hore a bolawe, ya qoswang a eso ho bonane le baqosi difahleho di tadimane, mme a fumane tumello ya ho ikarabela hodima molato oo a qoswang ka wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ