Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 23:30 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Eitse hobane ke tsebiswe kamoo Bajuda ba laletseng monna eo kateng, ka phakisa ka romela ho wena, mme ka laela baqosi ba hae hore ba bue pela hao tseo ba mo qosang ka tsona. Sala hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Jwale, erekaha ke boleletswe hoba Bajuda ba laletse monna enwa, ke mo rometse ho wena kapele, mme ke laetse baqosi ba hae hore tseo ba mo qosang ka tsona ba di bolelle wena. Dumela!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Eitse hoba ke longwe tsebe hore monna enwa o rerilwe, ka mo romela ho wena ka potlako, ka laela le baqosi ba hae hore ba tlo bolela kapele ho wena seo ba mo qosang ka sona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Eitse hobane ke tsebiswe kamoo Bajuda ba laletseng monna eo kateng, ka phakisa ka romela ho wena, mme ka laela baqosi ba hae hore ba bue pela hao tseo ba mo qosang ka tsona. Sala hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 23:30
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke hore le ile dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le tse fenethilweng, le bohlola; Dumelang hantle.


Eitse ha bo esa, Bajuda ba rera morero, mme ba itlama ka kano, ba re ba ke ke ba ja, leha e le ho nwa, ba eso ho bolaye Pauluse.


Yena a re: Bajuda ba dumellane ho o kopa hore hosasane o theolele Pauluse lekgotleng la lekgotla, jwaloka hoja ba rata ho botsisisa taba e nngwe ka yena.


Jwale bahlabani, jwalokaha ba laetswe, ba nka Pauluse, ba mo isa Antipatrise bosiu.


A re: Ke tla o utlwa ha baqosi ba hao ba fihla. Mme a laela hore a bolokwe ka tlung ya kahlolo ya Heroda.


Ke bafe ba neng ba tlamehile ho ba teng pela hao ho qosa, ha ba ne ba ena le taba le nna.


Ka ba araba ka re: “Hase mokgwa wa Baroma ho nehelana ka motho hore a bolawe, ya qoswang a eso ho bonane le baqosi difahleho di tadimane, mme a fumane tumello ya ho ikarabela hodima molato oo a qoswang ka wona.


Empa morero oo wa bona wa tsejwa ke Saule. Mme ba lebela menyako motsheare le bosiu ho mmolaya.


Qetellong, barab’eso, salang hantle. Le phethehe, le tshedisehe, le be le kgopolo e le nngwe, le phele ka kgotso; mme Modimo wa lerato le kgotso o tla ba le lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ