Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 23:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Yaba o mo nka, a mo isa ho molaodi wa sekete, a re: Pauluse, motshwaruwa o mpitsitse, a nthapela hore ke tlise mohlankana enwa ho wena, mme o na le seo a batlang ho o bolella sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba eo o mo nka, a mo isa ho molaodi wa sekete, a re: Motlamuwa Pauluse o mpitsitse, o kopile hore ke tlise mohlankana enwa ho wena; o na le taba eo a tla o bolella yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Eo a mo nka, a mo isa ho molaodi wa ba sekete, a re: “Motshwaruwa Paulosi o ile a mpitsa, a nkopa ho tlisa mohlankana enwa ho wena, hobane o na le seo a ratang ho o bolella sona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Yaba o mo nka, a mo isa ho molaodi wa sekete, a re: Pauluse, motshwaruwa o mpitsitse, a nthapela hore ke tlise mohlankana enwa ho wena, mme o na le seo a batlang ho o bolella sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 23:18
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a araba, a re ho yena: Simone, ke na le seo ke batlang ho o bolella sona. A re: Moruti, bolela.


Jwale sehlopha sa masole le molaodi wa sesole le bahlanka ba Bajuda ba tshwara Jesu, ba mo tlama.


Eitse hara mpa ya bosiu Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela, mme batshwaruwa ba ne ba ba utlwa.


Pauluse a bitsa e mong wa balaodi ba lekgolo, a re: Isa mohlankana enwa ho molaodi wa sekete;


Yaba molaodi wa sekete o mo tshwara ka letsoho, a ya le yena kathoko, a mmotsa, a re: O na le taba efe eo o tla mpolella yona?


Eitse hobane ho laolwe hore re ye Italia ka sekepe, ba neela Pauluse le batshwaruwa ba bang ho molaodi wa lekgolo, ya bitswang Juliase, wa sehlopha sa Augustus.


Eitse hobane ho fete matsatsi a mararo, Pauluse a bokella baholo ba Bajuda; leha ho le joalo, ke ile ka nehelanoa ka motšoaruoa ea tsoang Jerusalema matsohong a Baroma.


Ke ka baka leo, nna Pauluse, motshwaruwa wa Kreste Jesu, bakeng sa lona baditjhaba,


Jwale, nna, motshwaruwa wa Morena, ke le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le biditsweng ka yona.


Leha ho le jwalo, ka baka la lerato, ke a o rapela haholo, kahobane ke le Pauluse wa leqheku, mme jwale ke bile ke le motshwaruwa ka baka la Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ