Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 20:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 A hlola teng kgwedi tse tharo. Eitse hobane Bajuda ba mo laletse, ha a se a tla kena sekepeng ho ya Siria, a rera ho kgutla ka Masedonia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 A dula teng kgwedi tse tharo; mme ha a se a ya tloha ka sekepe ho ya Siria, a eletswa ho kgutla ka la Masedonia, kahobane Bajuda ba ne ba mo laletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 A hlola teng dikgwedi tse tharo. Ha a se a tla tshelela Siria ka sekepe, Bajuda ba mo lalla, mme a rera ho kgutla ka la Masedonia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 A hlola teng kgwedi tse tharo. Eitse hobane Bajuda ba mo laletse, ha a se a tla kena sekepeng ho ya Siria, a rera ho kgutla ka Masedonia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 20:3
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tumo ya hae ya utlwahala naheng yohle ya Siria, mme ha tliswa ho yena bohle ba kulang, ba tshwerweng ke malwetse a mefutafuta, le mahloko, le ba nang le batemona, le ba tshwerweng ke bolwetsi, le ba shweleng ditho; mme a ba fodisa.


Ho tloha moo ra ya Filipi, e leng motse wa sehlooho wa karolo ya Masedonia, e leng koloni; mme ra hlola matsatsi a itseng motseng oo.


Mme pono ya bonahala ho Pauluse bosiu; Monna wa Masedonia o ne a eme, a mo rapela, a re: Tshelela Masedonia, o re thuse.


Eitse hobane Pauluse a hlole matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a tloha ka sekepe ho ya Siria, a ena le Prisila le Akuila; a ipeotse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a na le kano.


Eitse hobane taba tseo di phethehe, Pauluse a rera moyeng, ha a haola le Masedonia le Akaia, ho ya Jerusalema, a re: Etlare hobane ke fihle teng, eka kgona ke bone le Roma.


Eitse hobane moferefere o kokobele, Pauluse a bitsa barutuwa, a ba kopa, a ntoo tloha, a ya Masedonia.


Ke ne ke sebeletsa Morena ka boikokobetso bohle le ka meokgo e mengata le meleko e ileng ya ntlhahela ka ho lalla Bajuda.


Yare ha a haola le dibaka tseo, mme a ba kgothaditse haholo, a fihla Greece.


Eitse ha re bona Sipera, ra e siya ka ho le letshehadi, ra kena ka sekepeng ho ya Siria, mme ra emisa Tire, hobane sekepe se ne se tla laolla phahlo ya sona teng.


Mme a kopa mohau hodima hae, hore a romele hore a bitswe Jerusalema, ba ntse ba laletse hore ba mmolaye.


Ka tshepo eo ke ne ke rata ho tla ho lona pele, le tle le be le lehlohonolo la bobedi;


Ka maeto hangata, dikotsing tsa metsi, dikotsing tsa dinokwane, dikotsing ke ba heso, dikotsing ke bahetene, dikotsing motseng, dikotsing lefeelleng, dikotsing lewatleng, dikotsing hara baena ba bohata.


Hobane eitse ha re fihla Masedonia, nama ya rona ya se ke ya phomola, ra hloriswa ka nqa tsohle; ka ntle ho ne ho e-na le lintoa, ka hare ho le tšabo.


Kamora tseo, ka fihla naheng ya Siria le ya Silisia;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ