Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 20:28 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, hore le alose kereke ya Modimo, eo a iphumanetseng yona ka madi a Mora wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

28 Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 20:28
61 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le nna ke re ho wena: O Petrose, mme hodima lejwe lena ke tla haha kereke ya ka; mme dikgoro tsa molete di ka se e fenye.


Le wena Bethlehema, naheng ya Juda, ha o monyenyane hara mahosana a Juda, hobane ho tla tswa ho wena Mmusi ya tla busa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Empa le iponele, hobane ba tla nehelana ka lona makgotleng; le tla otlwa ka matlung a thapelo, mme le tla iswa pela babusi le marena ka baka la ka, e be bopaki ho bona.


Se boifeng, letsomanyane; hobane ho kgahlile Ntata lona ho le nea mmuso.


Le itlhokomele, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke ho ja ho jewa, le ke botahwa, le dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le wela le sa lebella.


Yare ha ba ntse ba sebeletsa Morena, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bileditseng wona.


Eitse hobane ba ba beele baholo phuthehong e nngwe le e nngwe, ba rapele ka ho itima dijo, ba ba bea ho Morena, eo ba dumetseng ho yena.


Ha a le Mileta, a romela Efese, a bitsa baholo ba kereke.


Hobane ke tseba sena, hobane ha ke se ke tlohile, ho tla kena hara lona diphiri tse harolang, tse sa qeneheleng mohlape.


Lumelisanang ka kako e halalelang. Diphutheho tsa Kreste di a le dumedisa.


re ngolla phutheho ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang lebitso la Jesu Kreste hohle, la Morena wa rona, la bona le la rona.


Le se ke la kgopisa Bajuda, leha e le Baditjhaba, leha e le kereke ya Modimo;


Eng? Na ha le na matlo a ho jela le ho noela teng? Kapa le nyedisa kereke ya Modimo, le hlabisa ba se nang letho dihlong? Ke tla re’ng ho uena? na ke tla u rorisa tabeng ee? Ha ke o rorise.


Hobane ke e monyenyane ho baapostola, ya sa tshwanelang ho bitswa moapostola, kahobane ke hlorisitse kereke ya Modimo.


Hobane le utlwile tsa metsamao ya ka mehleng ya Sejuda, kamoo ke neng ke hlorisa kereke ya Modimo ho feta tekanyo, mme ke e ripitla.


eo e leng tebeletso ya lefa la rona, ho isa topollong ya letlotlo, e be thoriso ya kganya ya wona.


Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;


A nea ba bang hore e be baapostola; mme ba bang, baporofeta; mme ba bang, baevangedi; mme ba bang badisa le baruti;


Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba ho Kreste Jesu ba leng Filipi, le babishopo le madikone:


Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe.


Le re ho Arkipo: Hlokomela tshebeletso eo o e filweng Moreneng, hore o e phethe.


Polelo ena ke ya nnete, e reng: Ekare ha motho a lakatsa bolebedi, o lakatsa mosebetsi o molemo.


Mookamedi e ka kgona e be ya se nang molato, e be monna wa mosadi a le mong, a hlaphohetswe, a hlaphohelwe hantle, a le boitshwaro, a amohele baeti, a tshwanele ho ruta;


(Ekare ha motho a sa tsebe ho busa ntlo ya hae, o tla hlokomela kereke ya Modimo jwang?)


O se ka wa tlhokomologa neo e e mo go wena, e o e neilweng ka polelelopele ka peo ya diatla tsa bagolwane.


Itobele wena, o hlokomele le thuto; dula ho tsona, hobane ka ho etsa hoo, o tla ipholosa, o boloke le ba o utlwang.


Baholo ba busang hantle a ba balwe ba lokelwa ke hlompho e menahaneng habedi, haholo ba sebetsang ka thata lentsweng le thutong.


Hobane bishopo o tshwanetse ho hloka sekodi, jwaloka ha e le motsamaisi wa Modimo; e se moithati, e se ya halefang kapele, e se monwi, e se mohlabaphi, e se motho ya ratang leruo le ditshila;


Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.


Lona lo lebeletse gore go se nne ope yo o tlhaelang tshegofatso ya Modimo; esere mohlomong motso o babang o ka mela, wa le ferekanya, mme ba bangata ba silafala ka wona;


Utlwang ba le busang, mme le ipee ka tlase ho lona;


Hobane le ne le le jwaloka dinku tse timelang; empa jwale le kgutletse ho Modisa le Modisa wa meya ya lona.


Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa hae, a re hlatswa sebeng sohle.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O lokelwa ke ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; sechaba;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ