Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 20:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Empa ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e ntšusumetsang, ’me ha ke nke bophelo ba ka e le ba bohlokoa ho ’na, hore ke tle ke qete leeto la ka ka thabo le tšebeletso eo ke e amohetseng ho Morena Jesu ea ho paka Evangeli ea mohau oa Molimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Empa ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e ntšusumetsang, ’me ha ke nke bophelo ba ka e le ba bohlokoa ho ’na, hore ke tle ke qete leeto la ka ka thabo le tšebeletso eo ke e amohetseng ho Morena Jesu ea ho paka Evangeli ea mohau oa Molimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 20:24
59 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane ke na le bana beso ba bahlano; a tle a ba pake, esere le bona ba tla nqalong ena ya tlhokofatso.


Le lona le tla paka, hobane le bile le nna ho tloha tshimolohong.


Ke o tlotlisitse lefatsheng, ke phethile mosebetsi oo o nneileng wona hore ke o etse.


Hobane o ne a badilwe le rona, mme o ne a fumane kabelo ya tshebeletso ena.


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa bohle hore ba kgomarele Morena ka sepheo sa pelo.


Eitse ha Johanne a phetha leeto la hae, a re: Le reng ke mang? Ha ke eena. Empa bonang, ho tla e mong kamorao ho nna, eo ke sa lokelang ho lokolla dieta tsa hae maotong a hae.


Ba hlola nako e telele ba ntse ba bua ka sebete ka Morena, ya pakileng lentswe la mohau wa hae, mme a ba nea hore dipontsho le meeka di etsahale ka matsoho a bona.


Eitse hobane ho fete kgang e kgolo, Petrose a ema, a re ho bona: Banna ba heso, le a tseba hobane e sa le kgale Modimo o re kgethile hara rona, hore baditjhaba ba utlwe lentswe la Evangeli ka molomo wa ka, dumela.


Eitse ha Silase le Timothea ba etswa Masedonia, Pauluse a tsieleha moyeng, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.


Ke pakela Bajuda, le Bagerike, pako ho Modimo, le tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste.


Haese hore Moya o Halalelang o paka motseng o mong le o mong, o re ditlamo le dihloriso di nkemetse.


Mme jwale, banabeso, ke le laeletsa ho Modimo, le ho lentswe la mohau wa wona, o nang le matla a ho le haha, le ho le nea lefa hara bahalaledi bohle.


Pauluse a araba, a re: Le etsang, ha le lla, le ho ntlhomola pelo? hobane ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa le ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.


A re ho nna: Tloha, hobane ke tla o romela ho baditjhaba hole.


Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane yena ke sejana se kgethilweng ho nna, sa ho jara lebitso la ka pela baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.


Mme ha e le ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau. Empa ha e le ka mesebetsi, ha e sa le mohau;


Jwale ho ya sebetsang moputso ha o balwe e le mohau, empa e le molato.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, le tiye, le se ke la sisinyeha, le atlehise kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hore mosebetsi wa lona hase wa lefeela Moreneng.


Ka baka leo, ke kgahliswa ke mefokolo, le dinyefolo, le ditsietsi, le dihloriso, le ditsietsi, ka baka la Kreste;


Ka baka leo, ha re ena le tshebeletso eo, kamoo re hauhetsweng kateng, ha re tepelle;


Kahoo lefu le sebetsa ho rona, empa bophelo bo sebetsa ho lona.


Re na le tshepo, ke rialo, mme re rata ho ka mpa ra ba sieo mmeleng, ho ya ba teng le Morena.


Ke na le sebete se seholo ho lona, ke ithorisa haholo ka lona;


Ke le Pauluse, moapostola, eo e seng wa batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, ya mo tsositseng bafung;


E be thoriso ya kganya ya mohau wa wona, oo o re neileng kamohelo ka wona ho Moratuwa.


Ka baka leo, ke rata hore le se ke la tepella ka baka la ditsietsi tsa ka ka baka la lona, tseo e leng tlotla ya lona.


Ee, le fa ke ka ntshiwa mo setlhabelong le mo tirelong ya tumelo ya lona, ke a itumela, mme ke ipela le lona lotlhe.


Hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste, o ne a le haufi le ho shwa, a se ke a kgathalla bophelo ba hae, hore a tle a ntshebeletse ho lona ho sitwa ha lona.


Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;


Empa leha re ne re utlwile bohloko pele, le ho hlabiswa dihlong, jwalokaha le tseba, ha re le Filipi, re ile ra ba sebete ka Modimo wa rona ho le bolella Evangeli ya Modimo ka ntwa e kgolo.


Hore ho se be motho ya sisinngwang ke dihloreho tsena, hobane le a tseba hore ke tsona tse reretsweng tsona.


Dihloriso le ditlokotsi tse ileng tsa ntlhahela Antioke, Ikoniamo, Lystra; dihloriso tseo ke di mameletseng: empa Morena o nkgolotse ho tsona kaofela.


Leha ho le jwalo, Morena o ile a ema le nna, mme a mpha matla; e le hore ka ’na molaetsa o ka tsebahatsoa ka botlalo, le hore lichaba tsohle li utloe: ’me ka lopolloa molomong oa tau.


Empa o bonahaditse lentswe la hae ka nako e loketseng ka molaetsa oo ke o neilweng ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona.


Hobane mohau wa Modimo o pholosang batho bohle o bonahetse.


Hobane le ile la nkutlwela bohloko ditlamong tsa ka, mme la amohela ka thabo ho tlatlapuwa ha thepa ya lona, le ntse le tseba hore le na le maruo a molemo le a sa feleng lehodimong.


Ka Silvanase, ngwaneso ya tshepahalang, kamoo ke nahanang kateng, ke le ngoletse hakgutshwane, ke le kgothatsa, ke paka hore ona ke mohau wa nnete wa Modimo oo le emeng ho wona.


Seo re lemohileng lerato la Modimo ka sona, ke hobane o re teletse bophelo ba hae;


Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba rata bophelo ba bona ho isa lefung.


E mong le e mong a newa diaparo tse tshweu; mme ba bolellwa hore ba phomole ho se hokae, ho fihlela ho phetheha bahlanka ba bang le bona, le banababo bona, ba neng ba tla bolawa jwaloka bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ