Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 2:47 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

47 Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle. Mme Morena a eketsa ka tsatsi le leng le le leng kerekeng ka ba pholoswang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

47 ba boka Modimo, mme ba kgahlisa setjhaba kaofela. Mme Morena a nna eketsa kereke ka tsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

47 Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

47 ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle. Mme Morena a eketsa ka tsatsi le leng le le leng kerekeng ka ba pholoswang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 2:47
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme ba sitwa ho fumana seo ba ka se etsang, hobane letshwele lohle le ne le mo mametse haholo ho mo utlwa.


Jesu a naa a hatela pele bohlaleng le boemong ba ho hola, le molemong oa Molimo le oa batho.


Letsoho la Morena la eba le bona, mme bongata bo boholo ba dumela, ba sokolohela ho Morena.


Hobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo, mme bongata bo boholo ba ekeletswa ho Morena.


Yare ha baditjhaba ba utlwa hoo, ba thaba, ba tlotlisa lentswe la Morena, mme bohle ba neng ba kgethetswe bophelo bo sa feleng ba dumela.


Eitse ha ba le Ikoniamo ba kena hammoho sinagogeng ya Bajuda, ba bua hoo letshwele le leholo la Bajuda le la Bagerike la dumela.


Eitse hobane ba bolelle motse oo Evangeli, ba rute ba bangata, ba kgutlela Lystra, Ikone, le Antioke.


Kahoo diphutheho tsa tiiswa tumelong, tsa eketseha ka palo ka tsatsi le leng le le leng.


Ba bangata ho bona ba dumela ke hona; le basadi ba bahlomphehi ba Bagerike, le banna, e seng ba mmalwa.


Hobane pallo ke ya lona, le bana ba lona, le bohle ba hole, bao Morena Modimo wa rona a tlang ho ba bitsa.


Jwale ba amohetseng lentswe la hae ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo ba ekeletswa ka batho ba ka bang dikete tse tharo.


Ya re ba sena go ba tshosetsa gape, ba ba lesa ba tsamaya, ba sa bone sepe se ba ka ba otlhayang ka sona ka ntlha ya batho;


Baapostola ba paka tsoho ya Morena Jesu ka matla a maholo, mme mohau o moholo wa eba hodima bona bohle.


Empa ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; mme palo ya banna e ne e ka ba dikete tse hlano.


Mehleng eo, ha barutuwa ba ntse ba ngatafala, ha tsoha ho korotla hara Bajuda ba buang Segerike ka Baheberu, kahobane bahlolohadi ba bona ba ne ba hlokomolohuwa kabong ya tsatsi le leng le le leng.


Lentswe la Modimo la ata; mme palo ya barutuwa ya ata haholo Jerusalema; mme letshwele le leholo la baprista la mamela tumelo.


Ke moo phutheho yohle ya Judea le ya Galelea le ya Samaria ya eba le kgotso, mme e ntse e hahuwa mme ba tsamaya ka ho tshaba Morena, le matshedisong a Moya o Halalelang, ba ata.


Bohle ba ahileng Lyda le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.


Hobane ya sebeletsang Kreste ka tsena o a kgahlisa Modimo, mme o kgahlwa ke batho.


Ho feta moo, bao a ba reretseng pele, ke bona bao a ba bitsitseng; bao a ba bitsitseng, o bile o ba lokafaditse;


Esaia le yena o howeletsa bakeng sa Iseraele, a re: Leha palo ya bana ba Iseraele e ka ba ka ka lehlabathe la lewatle, ho tla bolokeha masala;


Hobane molaetsa wa sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rona ba pholoswang ke matla a Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ