Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 2:38 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

38 Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla amohela neo ya Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobeletswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

38 Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla amohela neo ya Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 2:38
43 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;


A re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.


Ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona.


Ho tloha mohlang oo Jesu a qala ho bolela, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.


A re: “Nako e phethehile, mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele Evangeli.


Ya dumelang, mme a kolobetswa, o tla bolokeha; empa ya sa dumeleng o tla ahlolwa.


Le hore pako le tshwarelo ya dibe di bolelwe ka lebitso la hae hara ditjhaba tsohle, ho qala Jerusalema.


Matshwele a mmotsa, a re: Jwale, re tla etsa jwang?


Baporofeta bohle ba paka ka yena hore e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla fumana tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.


Yaba o laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Morena. Yaba ba mo rapela hore a dule matsatsi a itseng.


“Ka baka leo, ho ke ho tsejwe ke lona banna ba heso, hore ka yena enwa le bolellwa tshwarelo ya dibe.


Eitse hobane a kolobetswe, le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ekare ha le mpone ke le ya dumetseng ho Morena, kenang tlung ya ka, le hlole teng. Mme a re qobella.


Mme mehla ya ho se tsebe hoo Modimo ha o a ka wa iphapanyetsa yona; empa jwale o laela batho bohle kahohle ho baka;


Ke pakela Bajuda, le Bagerike, pako ho Modimo, le tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste.


Jwale, o diehellang? ema, o kolobetswe, mme o hlatswe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.


Ho tutubolla mahlo a bona, le ho ba tlosa lefifing ho ya leseding, le ho tloha matleng a Satane ho ya ho Modimo, ba tle ba amohele tshwarelo ya dibe, le lefa hara ba halaleditsweng ka tumelo e ho nna.


Empa ke ile ka qala ka ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ho baditjhaba, hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e tshwanelang pako.


Ka moo he, bakang, mme le sokolohe, hore dibe tsa lona di hlakolwe, hore ho tle ho fihle dinako tsa kgatholoho tse tswang sefahlehong sa Morena;


Yena eo Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la wona le letona, hore e be Mmusi le Mopholosi, ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Empa eitse hobane ba dumele Filipi ya neng a ba bolela ditaba tse molemo tsa mmuso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste, ba kolobetswa, banna le basadi.


Petrose a re ho yena: Chelete ya hao e ke e timele le wena, kahobane o hopotse hore neo ya Modimo e ka rekwa ka tjhelete.


Ana ha le tsebe hoba bohle ba kolobeleditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeleditswe lefung la hae na?


Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;


E seng ka mesebetsi ya ho loka eo re e entseng, empa e le ka mohau wa wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa botjha, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang;


Seswantšho se se swanago le seo le kolobetšo e re phološago gona bjale (e sego go tlošwa ga ditšhila tša nama, eupša e le karabelo ya letswalo le lebotse go Modimo) ka tsogo ya Jesu Kriste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ