Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 2:33 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Ka baka leo, kahobane a phahamiseditswe ka letsohong le letona la Modimo, mme a amohetse pallo ya Moya o Halalelang ho Ntate, o tsholotse sena, seo le se bonang, le se utlwang jwale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Eitse hobane a phahamisetswe letsohong le letona la Modimo, mme a nke pallo ya Moya o Halalelang ho Ntatae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utlwang jwale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

33 Ka baka leo, kahobane a phahamiseditswe ka letsohong le letona la Modimo, mme a amohetse pallo ya Moya o Halalelang ho Ntate, o tsholotse sena, seo le se bonang, le se utlwang jwale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 2:33
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.


Eitse hobane Morena a bue le bona, a nkelwa lehodimong, mme a dula ka letsohong le letona la Modimo.


Ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, hore a dule le lona ka ho sa feleng;


Empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, o tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa tsohle tseo ke le boleletseng tsona.


Etlare ha Moemedi a fihla, eo ke tla mo romela ho lona a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.


Jwale, Ntate, nkgalaletse ho wena ka kganya eo ke neng ke ena le yona ho wena pele lefatshe le eba teng.


Eitse ha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, le mpe le letele pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna.


Badumedi ba lebollo, ba tlileng le Petrose, ba makala, kahobane neo ya Moya o Halalelang e ne e tshetswe le hodima baditjhaba.


Mehleng ya bofelo, ho bolela Modimo, ke tla tshollela Moya wa ka hodima nama yohle; bara ba lona le baradi ba lona ba tla porofeta, bahlankana ba lona ba bone dipono, maqheku a lona a lore ditoro.


Yena eo Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la wona le letona, hore e be Mmusi le Mopholosi, ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Mme tshepo ha e hlajwe ke dihlong; hobane lerato la Modimo le tshetswe ka dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


hore lehlohonolo la Abrahama le tle ho baditjhaba ka Jesu Kreste; re tle re amohele pallo ya Moya ka tumelo.


Le lona le tshepile ho yena, ha le se le utlwile lentswe la nnete, molaetsa o molemo wa poloko ya lona;


Ke ka baka leo o re: Eitse hobane a nyolohele hodimo, a hapile baholehuwa, a nea batho dineo.


Oo o re tsheletseng ka bongata ka Jesu Kreste Mopholosi wa rona;


Empa monna enoa, hoba a fane ka sehlabelo se le seng bakeng sa libe ka ho sa feleng, o ile a lula ka letsohong le letona la Molimo;


Empa re bona Jesu, ya ileng a bewa katlase ho mangeloi hanyenyane, ka baka la ho hlokofatswa ha lefu, a rwetse moqhaka wa kganya le hlompho; hore ka mohau wa Modimo a latswe lefu bakeng sa motho e mong le e mong.


Bao le dumelang ka yena ho Modimo o mo tsositseng bafung, wa mo nea kganya; hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


Ke yena ya nyolohetseng lehodimong, mme a ka letsohong le letona la Modimo; mangeloi le balaodi le ba matla di behilwe katlasa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ