Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 2:32 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Jesu eo Modimo o mo tsositse, mme rona bohle re dipaki tsa taba eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Modimo o tsositse Jesu eo; mme rona kaofela re dipaki tsa taba eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 “Jesu eo, Modimo o mo tsositse, mme bohle re dipaki.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

32 Jesu eo Modimo o mo tsositse, mme rona bohle re dipaki tsa taba eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 2:32
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le lona le tla paka, hobane le bile le nna ho tloha tshimolohong.


Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.


Empa le tla amohela matla, Moya o Halalelang o tle ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


Modimo o se phethahaditse ho rona bana ba bona, ka ho tsosa Jesu bafung; jwalokaha ho ngodilwe pesalemeng ya bobedi, ho thwe: O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse.


Hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka ho loka, ka monna eo a mmeileng; e leng seo o se tshepisitseng bohle ka ho mo tsosa bafung.


Eo Modimo o mo tsositseng, o mo lokolletse mahloko a lefu, hobane ho ne ho sa kgonehe hore a ka tshwarwa ke lona.


Le bolaile Morena wa bophelo, eo Modimo o mo tsositseng bafung; tseo re leng dipaki tsa tsona.


Modimo o tsositse Mora wa wona Jesu ho lona pele, o mo romile ho lona pele, ho le hlohonolofatsa, ka ho fetola e mong le e mong wa lona makgopong a hae.


Ho ke ho tsejwe ke lona bohle, le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hore ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo le mo thakgisitseng, eo Modimo o mo tsositseng bafung, ka yena monna enwa o ema mona pela lona a fodile.


Baapostola ba paka tsoho ya Morena Jesu ka matla a maholo, mme mohau o moholo wa eba hodima bona bohle.


Modimo wa bontata rona o tsositse Jesu, eo le mmolaileng ka ho mo fanyeha sefateng.


Mme rona re fitlhelwa re le basupi ba maaka ba Modimo; hobane re pakile ka Modimo hore o tsositse Kreste, eo o sa kang wa mo tsosa, haele hore bafu ha ba tsohe.


Mme Modimo o tsositse Morena bafung, mme le rona o tla re tsosa ka matla a hae.


re ntse re tseba hobane ya tsositseng Morena Jesu bafung, le rona o tla re tsosa ka Jesu, mme o tla re hlahisa le lona.


Ke le Pauluse, moapostola, eo e seng wa batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, ya mo tsositseng bafung;


Tseo a di entseng ho Kreste, mohla a mo tsosang bafung, mme a mmea ka letsohong la hae le letona mahodimong.


Le patilwe le yena kolobetsong, eo le lona le tsositsweng le yena ka yona ka tumelo ya matla a Modimo o mo tsositseng bafung.


Jwale Modimo wa kgotso, o tsositseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Bao le dumelang ka yena ho Modimo o mo tsositseng bafung, wa mo nea kganya; hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ