Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 2:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Mehleng ya bofelo, ho bolela Modimo, ke tla tshollela Moya wa ka hodima nama yohle; bara ba lona le baradi ba lona ba tla porofeta, bahlankana ba lona ba bone dipono, maqheku a lona a lore ditoro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Mehleng ya bofelo, ho bolela Modimo, ke tla tshela nama yohle ka Moya wa ka; bara ba lona le baradi ba lona ba tla porofeta; ba batjha ba lona ba tla bona dipono, mme maqheku a lona a tla lora ditoro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 “ ‘Ha matsatsi a bofelo a fihla, ho rialo Modimo, ke tla theolela Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bahlankana ba lona ba tla bona dipono, le bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Mehleng ya bofelo, ho bolela Modimo, ke tla tshollela Moya wa ka hodima nama yohle; bara ba lona le baradi ba lona ba tla porofeta, bahlankana ba lona ba bone dipono, maqheku a lona a lore ditoro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 2:17
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme nama yohle e tla bona poloko ya Modimo.


Jwalokaha o mo neile matla hodima nama yohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a ba nee bophelo bo sa feleng.


(Empa o ne a bua ka Moya oo ba dumelang ho yena ba neng ba tla o amohela, hobane Moya o Halalelang o ne o eso ho newe, hobane Jesu o ne a eso tlotliswe.)


Badumedi ba lebollo, ba tlileng le Petrose, ba makala, kahobane neo ya Moya o Halalelang e ne e tshetswe le hodima baditjhaba.


Matsatsing ao baporofeta ba tloha Jerusalema ba tla Antioke.


Yaba ho ema e mong wa bona, ya bitswang Agabuse, mme a bolela ka Moya hore tlala e kgolo e tla ba teng lefatsheng lohle, e bileng teng mehleng ya Kesare Klaudio.


Empa sena ke se boletsweng ke moporofeta Joele;


Mme hodima bahlanka ba ka le hodima makgabunyane a ka ke tla tshela Moya wa ka mehleng eo; mme ba tla porofeta;


Ka baka leo, kahobane a phahamiseditswe ka letsohong le letona la Modimo, mme a amohetse pallo ya Moya o Halalelang ho Ntate, o tsholotse sena, seo le se bonang, le se utlwang jwale.


Monna enoa o ne a e-na le barali ba bane, baroetsana ba neng ba profeta.


Mme tshepo ha e hlajwe ke dihlong; hobane lerato la Modimo le tshetswe ka dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


E mong o etsa mehlolo; ho e mong boprofeta; e mong temoho ya meya; e mong mefuta e fapaneng ya maleme; e mong ke tlhaloso ya dipuo.


Mme Modimo o behile ba bang ka phuthehong, pele baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba mehlolo, ho ntoo ba dineo tsa phodiso, le dithuso, le mebuso, le dipuopuo tse fapaneng.


Mehleng ena ya bofelo o buile le rona ka Mora wa hae, eo a mmeileng mojalefa wa dintho tsohle, eo ka yena a entseng mafatshe.


Gauta ya lona le silefera ya lona di tjhele; mafome a tsona e tla ba bopaki khahlanong le lōna, ’me a tla ja nama ea lōna joalokaha eka ke mollo. Le bokeletse matlotlo matsatsing a ho qetela.


Le ntse le tseba sena pele, hore matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi ba tsamayang ka ditakatso tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ