Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 19:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Empa ha ba bang ba ithatafatsa, ba sa dumele, ba ntse ba nyefola Tsela eo pela letshwele, a tloha ho bona, a arola barutuwa, a buisana le bona ka matsatsi wohle sekolong sa Tirano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba bang ha ba ithatafatsa, mme ba hana ho dumela, ba nyatsa le tsela ya Morena pela bongata, a tloha ho bona, a kgetha barutuwa, a ntoo ruta ka matsatsi wohle sekolong sa e mong ya bitswang Tirano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Empa ha ba bang ba ithatafatsa dipelo, ba hana ho dumela, mme ba bua hampe ka Tsela ya Morena kapele ho badumedi bohle, a tloha ho bona a tsamaya le barutuwa ba hae. A buisana le batho ka tsatsi le leng le le leng sekolong sa Tiranose.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Empa ha ba bang ba ithatafatsa, ba sa dumele, ba ntse ba nyefola Tsela eo pela letshwele, a tloha ho bona, a arola barutuwa, a buisana le bona ka matsatsi wohle sekolong sa Tirano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 19:9
39 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba tloheleng: ke baetapele ba difofu ba difofu. Mme ekare ha sefofu se tsamaisa sefofu, di tla wela ka mokoting ka bobedi.


Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase. A ba tlohela, a ikela.


Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: Le tsoile ka disabole le melamu, jwaloka hoja le tsoetse leshodu ho ntshwara? Ke ne ke dula le lona ka tsatsi le leng le le leng tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara.


O foufaditse mahlo a bona, o thatafaditse dipelo tsa bona; e le hore ba se ke ba bona ka mahlo, kapa ba utloisisa ka lipelo tsa bona, ’me ba se ke ba sokoloha, ’me ke tla ba folisa.


Eitse hobane a mo fumane, a mo tlisa Antioke. Mme ha etsahala hore selemo kaofela ba phuthehela kerekeng, mme ba ruta bongata bo boholo. Mme barutwa ba ne ba bidiwa Bakeresete pele kwa Antioka.


Empa bongata ba motse ba arohana, ba bang ba ema le Bajuda, ba bang ba ema le baapostola.


Ba bang ba bona ba dumela, ba ikopanya le Pauluse le Silase; le bongata bo boholo ba Bagerike ba tshabang borapedi, le basadi ba kgabane ba seng bakae.


Ka yona nako eo ha tsoha moferefere o moholo mabapi le Tsela eo.


Yare ha Pauluse a rata ho kena hara letshwele, barutuwa ba se ke ba mo dumella.


Ka baka leo, fadimehang, mme le hopole hore ka dilemo tse tharo, bosiu le motsheare ha ke a ka ka kgaotsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo.


Ka hlorisa Tsela ena ho isa lefung, ke tlama, ke bile ke kenya banna le basadi teronkong.


Haese ka lentswe le le leng leo ke ileng ka howa ke eme hara bona, ka re: Ka baka la tsoho ya bafu, kajeno ke qoswa ke lona.


Empa re lakatsa ho utlwa ho wena seo o se nahanang;


Lona ba melala e sataletseng, ba sa bollang dipelong le ditsebeng, le ntse le hanyetsa Moya o Halalelang; jwaloka bontata lona, le lona le etsa jwalo.


A kopa ho yena mangolo a yang ho masinagoge a Damaseka, hore ekare ha a ka fumana ba bang ba Tsela ena, e ka ba banna le basadi, a ba tlise ba tlamilwe Jerusalema.


Joale ho thoe’ng? Iseraele ha a ka a fumana seo a se batlang; empa bakgethwa ba se fumane, mme ba bang ba foufaditswe,


Ka baka leo, o hauhela eo a ratang ho mo hauhela, mme o thatafatsa eo a ratang ho mo thatafatsa.


Hobane ke buletswe monyako o moholo o sebetsang, mme bahanyetsi ba bangata.


Dikgang tse kgopo tsa batho ba dikelello tse bodileng, ba hlokang nnete, ba lekanya hore leruo ke borapedi;


O a tseba hore bohle ba Asia ba mphuraletse; bao ho bona e leng Figelo le Hermogene.


ba nang le sebopeho sa borapedi, empa ba latola matla a jona;


U bolele lentsoe; o phakise ka nako, leha e sa tshwanele; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka thuto.


Le mpe le kgothatsane ka tsatsi le leng le le leng, ha ho sa ntse ho bitswa Kajeno; esere mohlomong e mong wa lona a ithatafatsa ka thetso ya sebe.


Empa bona, jwaloka dibata tse se nang kelello, tse tswaletsweng ho tshwarwa le ho timetswa, ba nyefola tseo ba sa di tsebeng; mme ba tla timela ho bola ha bona;


Mme ba bangata ba tla latela bohlola ba bona; bao ka baka la bona tsela ya nnete e tla nyefoloa.


Empa bao ba nyefola tseo ba sa di tsebeng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ