Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Yaba o fihla Efese, a ba tlohela teng, empa yena a kena sinagogeng, a buisana le Bajuda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ha a fihla Efese, moo a neng a tla ba tlohela teng, a kena sinagogeng, a fetolana le Bajuda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Jwale ba theohela Efese, moo a ileng a ba siya teng. Empa yena a kena ka tlung ya thapelo, mme a buisana le Bajuda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Yaba o fihla Efese, a ba tlohela teng, empa yena a kena sinagogeng, a buisana le Bajuda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:19
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane ba mo kope ho hlola nako e telele le bona, a se ke a dumela;


A mpa a ba sadisa hantle, a re: “E ka kgona ke etse mokete ona o tlang Jerusalema; Mme a tloha Efese ka sekepe.


Jwale Mojuda e mong ya bitswang Apolose, ya tswaletsweng Aleksandria, monna ya kheleke puong, ya matla Mangolong, a fihla Efese.


Ka Sabatha se seng le se seng, o ne a bua ka synagogeng, a kgodisa Bajuda le Bagerike.


Eitse ha Apolose a ntse a le Korinthe, Pauluse ha a haola le naha e ka hodimo, a fihla Efese;


Taba ena ya tsejwa ke Bajuda bohle le Bagerike ba ahileng Efese; mme poifo ya ba wela kaofela, mme lebitso la Morena Jesu la tlotliswa.


Hape, le a bona, mme le a utlwa hore Pauluse eo, e seng Efese feela, empa hoo e ka bang le Asia yohle, o kgodisitse bongata bo boholo, a ba a kgelosa, a re, medimo e entsweng ka matsoho hase yona.


Yare ha ba utlwa dipolelo tseo, ba tlala bohale, ba howa, ba re: O moholo Diana wa Baefese!


Eitse ha mongodi wa motse a kgutsitse letshwele, a re: Banna ba Efese, ke ofe motho ya sa tsebeng hore motse wa Baefese ke mosebeletsi wa Diana, modimo o moholo wa sesadi, le wa setshwantsho se weleng ho Jupitere?


Pauluse o ne a rerile ho feta Efese ka sekepe, e le hore a tle a se ke a qeta nako Asia;


Ha a le Mileta, a romela Efese, a bitsa baholo ba kereke.


(Hobane ba ne ba bone Trofimase wa Efese pele, a ena le yena motseng, eo ba neng ba lekanya hore Pauluse o mo tlisitse tempeleng.)


Haeba ke lwanne le dibatana Efese ka mokgwa wa batho, ho ka nthusang ha bafu ba sa tsohe? a re jeng, re nweng; hobane hosasane re tla shwa.


Empa ke tla hlola Efese ho fihlela Pentekonta.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, ba dumelang ho Jesu Kreste:


Jwalokaha ke ile ka o kopa hore o sale Efese, ha ke ya Masedonia, o tle o laele ba bang hore ba se ke ba ruta thuto esele.


Morena a ke a mo fe hore a fumane mohau wa Morena ka letsatsi leo;


A re: Ke nna Alfa le Omega, wa pele le wa morao, mme o re: Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o se romele ho dikereke tse supileng tse Asia; le Efese, le Smyrna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Ngolla lengeloi la kereke e Efese; Ke tsena tse bolelwang ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ