Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Eitse hobane Pauluse a hlole matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a tloha ka sekepe ho ya Siria, a ena le Prisila le Akuila; a ipeotse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a na le kano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Pauluse a boela a hlola teng matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a ya Siria ka sekepe, a ena le Priscila le Akila, a ikutisitse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a itlamile ka kano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Eitse hobane Pauluse a hlole matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a tloha ka sekepe ho ya Siria, a ena le Prisila le Akuila; a ipeotse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a na le kano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:18
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tumo ya hae ya utlwahala naheng yohle ya Siria, mme ha tliswa ho yena bohle ba kulang, ba tshwerweng ke malwetse a mefutafuta, le mahloko, le ba nang le batemona, le ba tshwerweng ke bolwetsi, le ba shweleng ditho; mme a ba fodisa.


Eitse hobane a ba phatlalatse, a tloha a ya thabeng ho ya rapela.


Matsatsing ao Petrose a ema hara barutuwa, a re: (palo ya mabitso e batla e ka ba lekgolo le mashome a mabedi).


Ba ngola mangolo ka bona ka mokgwa ona; Baapostola le baholo le baena ba romela ditumediso ho baena ba ditjhaba tse Antioke le Siria le Silisia.


Mme a haola le Siria le Silisia, a ntse a tiisa dikereke.


A fumana Mojuda e mong ya bitswang Akuila, ya tswaletsweng Ponto, ya sa tswa tswa Italy, a ena le Prisila, mosadi wa hae; (hobane Claudiase o ne a laetse Bajuda bohle hore ba tlohe Roma), a tla ho bona.


A qala ho bua ka sebete ka tlung ya thapelo;


Eitse ha a rata ho fetela Akaia, baena ba ngola, ba kgothatsa barutuwa hore ba mo amohele;


Ka baka leo, etsa sena seo re o bolellang sona: Re na le banna ba bane ba nang le kano;


Ba nke, o itlhwekise hammoho le bona, mme o ba lefise, hore ba beole dihlooho tsa bona; empa le wena o tsamaya ka mokgwa o laolehileng, o boloka molao.


Eitse ha re bona Sipera, ra e siya ka ho le letshehadi, ra kena ka sekepeng ho ya Siria, mme ra emisa Tire, hobane sekepe se ne se tla laolla phahlo ya sona teng.


Ke le laeletsa Febe, kgaitsedi ya rona, mosebeletsi wa kereke ya Kenkrea.


Ho Bajuda ke bile jwaloka Mojuda, hore ke rue Bajuda; ho ba tlas’a molao, ke be ke le ea tlas’a molao, ke tle ke rue ba tlas’a molao;


Kamora tseo, ka fihla naheng ya Siria le ya Silisia;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ