Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:30 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Mme mehla ya ho se tsebe hoo Modimo ha o a ka wa iphapanyetsa yona; empa jwale o laela batho bohle kahohle ho baka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Modimo ha o se o lesitse ditshiu tseo tsa ho se tsebe hore di fete, jwale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Mme mehla ya ho se tsebe hoo Modimo ha o a ka wa iphapanyetsa yona; empa jwale o laela batho bohle kahohle ho baka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:30
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba re ho yena: Ke hobane ha ho motho ya re hirileng. A re ho bona: Le lona eyang tshimong ya merara; mme tsohle tse lokileng, le tla di amohela.


A re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.


Ho tloha mohlang oo Jesu a qala ho bolela, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.


A re: “Nako e phethehile, mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele Evangeli.


Ke a le bolella, Tjhe, empa, ha le sa bake, le lona bohle le tla timela jwalo.


Ke re ho lona: Ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.


Le hore pako le tshwarelo ya dibe di bolelwe ka lebitso la hae hara ditjhaba tsohle, ho qala Jerusalema.


Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba kgutsa, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Jwale, Modimo o neile le baditjhaba pako e isang bophelong.


Ke yena eo mehleng e fetileng a ileng a dumella ditjhaba tsohle ho tsamaya ka ditsela tsa tsona.


Hobane eitse ha ke feta, mme ke tadima dintho tseo le di rapelang, ka fumana aletare e ngotsweng, e reng: YA MODIMO O SA TSEBjweng. Ke hona ke le bolellang eena eo le mo rapelang le sa tsebe.


Ke pakela Bajuda, le Bagerike, pako ho Modimo, le tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste.


Ka moo he, bakang, mme le sokolohe, hore dibe tsa lona di hlakolwe, hore ho tle ho fihle dinako tsa kgatholoho tse tswang sefahlehong sa Morena;


Mme erekaha ba ne ba sa rate ho dula ba tseba Modimo, Modimo o ba neeletse mehopolong e kgelohileng, hore ba etse tse sa tshwanelang;


Kapa o nyedisa monono wa molemo wa hae, le wa mamello, le wa tiisetso ya hae; o sa tsebe hobane molemo wa Modimo o o isa pakong?


Hobane bohle ba sitilwe, mme ba haellwa ke kganya ya Modimo;


Eo Modimo o mmeileng ho ba poelano ka tumelo mading a hae, ho bonahatsa ho loka ha wona, ka baka la ho tshwarela dibe tse fetileng, ka mamello ya Modimo;


Hobane ho swaba ka tsela ya Modimo ho hlahisa pako e isang pholohong, e sa bakeleng;


Hobane nako e fetileng e ne e re lekane ho etsa thato ya baditjhaba, ha re ne re tsamaya bohlola, le ditakatso, le botahwa, le meharo, le menyanya, le tshebeletso ya medimo ya bohata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ