Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Hobane eitse ha ke feta, mme ke tadima dintho tseo le di rapelang, ka fumana aletare e ngotsweng, e reng: YA MODIMO O SA TSEBjweng. Ke hona ke le bolellang eena eo le mo rapelang le sa tsebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Hobane ke itse ke ya le motse, ke tadimile ditshwantsho tse medimo ya lona, ka fihlela le aletare moo ho ngodilweng lengolo le kgethelo le reng: Ho Modimo o sa tsejweng! Modimo oo le o rapelang le sa o tsebe, ke wona oo nna ke le bolellang wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Ha ke ntse ke itsamaela, mme ke hlahloba moo le rapellang teng, ke ile ka fumana le aletare eo ho ngotsweng ho yona: ho modimo ya sa tsejweng. Sena seo le se rapelang le sa se tsebe, ke le tsebisa sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Hobane eitse ha ke feta, mme ke tadima dintho tseo le di rapelang, ka fumana aletare e ngotsweng, e reng: YA MODIMO O SA TSEBjweng. Ke hona ke le bolellang eena eo le mo rapelang le sa tsebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:23
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ba ntshebeletsa lefeela, ha ba ruta dithuto tseo e leng melao ya batho.


Ntate ya lokileng, lefatshe ha le a o tseba, empa nna ke o tsebile, mme bana ba tsebile hore o nthomile.


Mme bophelo bo sa feleng ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


Lona le rapela seo le sa se tsebeng; rona re tseba seo re se rapelang, hobane poloko e tswa ho Bajuda.


Jesu a araba, a re: “Haeba ke ithorisa, tlotla ya ka hase letho; eo le reng ke Modimo wa lona;


Mme mehla ya ho se tsebe hoo Modimo ha o a ka wa iphapanyetsa yona; empa jwale o laela batho bohle kahohle ho baka;


Mme erekaha ba ne ba sa rate ho dula ba tseba Modimo, Modimo o ba neeletse mehopolong e kgelohileng, hore ba etse tse sa tshwanelang;


Hobane erekaha, bohlaleng ba Modimo, lefatshe ka bohlale ba lona le sa ka la tseba Modimo, ho kgahlile Modimo ka booatla ba molaetsa o molemo ho pholosa ba dumelang.


Hobane leha ho ka ba teng ba bitswang medimo, leha e le mahodimong, leha e le lefatsheng, (jwalokaha ho le medimo e mengata, le marena a mangata),


Ka nako eo le ne le se na Kreste, le le basele le setjhaba sa Iseraele, le le basele dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.


Ke yena ya hanyetsang, ya iphahamisang kahodimo ho tsohle tse bitswang Modimo, kapa tse kgumamelwang; hoo yena jwaloka Modimo a dutseng tempeleng ya Modimo, a iponahatsa e le Modimo.


Joale ho Morena oa bosafeleng, ea sa shoeng, ea sa bonahaleng, Molimo a le mong feela, e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


Mme re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe wa nnete, mme re ho yena wa nnete, e leng ho Mora wa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ