Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 17:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Pauluse a kena ho bona ka mokgwa wa hae, mme ka Disabatha tse tharo a buisana le bona ka Mangolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Pauluse, ka temalo ya hae, a kena ho bona, mme ka Disabatha tse tharo, a fetolana le bona ka Mangolo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ho ya ka tlwaelo ya hae, Paulosi a kena ho bona, mme ka Disabatha tse tharo a buisana le bona ka tsa Mangolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Pauluse a kena ho bona ka mokgwa wa hae, mme ka Disabatha tse tharo a buisana le bona ka Mangolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 17:2
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mora Motho o ikela jwalokaha ho ngodilwe hodima hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekwang ke yena! Ho ka be ho bile molemo ho motho eo hoja a sa ka a tswalwa.


A fihla Nasaretha, moo a holetseng teng, mme ka tlwaelo ya hae a kena sinagogeng ka tsatsi la Sabatha, a ema hore a bale.


Jesu a mo araba, a re: “Ke buile le lefatshe phatlalatsa; Ke ne ke ntse ke ruta ka matlung a thapelo le ka tempeleng kamehla, moo Bajuda ba phuthehelang teng kamehla; mme ha ke a ka ka bua letho sephiring.


Empa ha ba tloha Perga, ba fihla Antioke e Pisidia, ba kena sinagogeng ka tsatsi la Sabatha, ba dula.


Eitse ha ba fihla Salami, ba bolela lentswe la Modimo masinagogeng a Bajuda;


Eitse ha ba le Ikoniamo ba kena hammoho sinagogeng ya Bajuda, ba bua hoo letshwele le leholo la Bajuda le la Bagerike la dumela.


Yaba baena ba phakisa ba romela Pauluse le Silase Berea bosiu;


Ka baka leo, a buisana le Bajuda ka tlung ya thapelo le badumedi, le ka tsatsi le leng le le leng lebaleng la motse, le ba neng ba kopana le yena.


Ka Sabatha se seng le se seng, o ne a bua ka synagogeng, a kgodisa Bajuda le Bagerike.


Yaba o kena sinagogeng, a bua ka sebete ka kgwedi tse tharo, a ntse a ruta, a kgodisa ditaba tsa mmuso wa Modimo.


Yare ha a ntse a bolela tsa ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tlang, Felikse a tshoha, a araba, a re: “Hona jwale, tsamaya; mohla ke nang le nako, ke tla o bitsa.


Eitse hobane ba mo bee letsatsi, ba bangata ba tla ho yena moo a dutseng teng; bao a ba hlalosetsang, a ba pakela mmuso wa Modimo, a ba kgodisa malebana le Jesu, ka molao wa Moshe le baporofeta, ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya.


Filipi a ahlamisa molomo wa hae, a qala ka lengolo leo, a mo bolella Evangeli ya Jesu.


A phakisa a bolela masinagogeng a Kreste, hore ke Mora wa Modimo.


Hobane pele ho tsohle ke le neile seo le nna ke se amohetseng, ke hore Kreste o shwetse dibe tsa rona, ho ya ka Mangolo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ