Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 16:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Yare ha ba haola le Frigia le naha ya Galatia, ba hanetswe ke Moya o Halalelang ho bolela lentswe la Modimo Asia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Eitse hobane ba ye le Frigia le naha ya Galatia, Moya o Halalelang wa ba hanela ho bolela lentswe la Modimo Asia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ba haola naheng ya Firigia le Galatia, kaha Moya o Halalelang o no ba hanetse ho bolela lentswe la Modimo Asia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Yare ha ba haola le Frigia le naha ya Galatia, ba hanetswe ke Moya o Halalelang ho bolela lentswe la Modimo Asia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 16:6
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha ba re neile bona, bao ho tloha tshimolohong e neng e le dipaki tse boneng ka mahlo, le basebeletsi ba Lentswe;


Yare Petrose a ntse a nahana ka pono eo, Moya wa re ho yena: Bona, banna ba bararo ba a o batla.


Yaba Moya o re ke ye le bona, ke sa belaele letho. Hape, le bara bao ba tsheletseng ba ya le nna, mme ra kena tlung ya monna eo;


Hoba ba fihle Misia, ba leka ho kena Bithinia, empa Moya wa se ke wa ba dumella.


Eitse hobane a qete nakonyana teng, a tloha, a haola le naha yohle ya Galatia le ya Frigia, a ntse a matlafatsa barutuwa bohle.


Seo sa etsahala ka dilemo tse pedi; hoo bohle ba ahileng Asia ba bileng ba utlwa lentswe la Morena Jesu, Bajuda le Bagerike.


Pauluse o ne a rerile ho feta Efese ka sekepe, e le hore a tle a se ke a qeta nako Asia;


Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.


Mme a felehetswa ho ya fihla Asia ke Sopatere wa Berea; le ho Bathessalonika, Aristakase le Sekundo; le Gaiase wa Derbe, le Timothea; le ba Asia, Tykikase le Trofimase.


Eitse ha matsatsi a supileng a le haufi le ho fela, Bajuda ba Asia, ha ba mmona tempeleng, ba ferekanya letshwele lohle, ba mo tshwara.


Yaba ho ema ba bang ba sinagoge e bitswang ya Balokolohi, le Bakirene, le Baaleksandria, le ba tswang Silisia le Asia, ba tsekisana le Setefane.


Yaba Moya o re ho Filipi: “Atamela, o tsamaye le koloi ena.”


Le dumedise le kereke e ka tlung ya bona. Ntumedisetseng Epaeneto, moratuwa wa ka, eo e leng thakangwaha ya Akaya ho Kreste.


Empa tsena tsohle di sebetsa Moya o le mong o le mong, o arolelang e mong le e mong kamoo o ratang kateng.


Haele mabapi le koleke ya bahalaledi, jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia, le etse jwalo le lona.


Diphutheho tsa Asia di a le dumedisa. Akuila le Prisilla ba le dumedisa haholo Moreneng, le kereke e ka tlung ya bona.


Bana beso, ha re rate hore le hloke tsebo mabapi le tsietsi ya rona e ileng ya re hlahela Asia, hore re ne re petetswe ho feta matla a rona, hoo re neng re nyahame le ka bophelo.


Le bana beso bohle ba nang le nna, re dumedisa dikereke tsa Galatia.


Lona Bagalata ba mahlanya, ke mang ya le loileng, hore le se ke la mamela nnete, bao Jesu Kreste a hlahisitsweng pontsheng ya lona, a thakgisitswe?


O a tseba hore bohle ba Asia ba mphuraletse; bao ho bona e leng Figelo le Hermogene.


Hobane Demase o ntahlile, ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Keresense o ea Galatia, Tite o ea Dalmatia.


Ka tumelo Aborahame o ne a utlwa, e rile a bidiwa, a hudugela kwa felong fa o tla go newa go nna boswa; a tswa, a sa tsebe moo a yang teng.


Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla baditjhaba ba hasaneng hohle Ponto, Galatia, Kapadosia, Asia, Bithinia,


A re: Ke nna Alfa le Omega, wa pele le wa morao, mme o re: Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o se romele ho dikereke tse supileng tse Asia; le Efese, le Smyrna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Johanne ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tlang ho tla; le ho Meya e supileng e pela terone ya hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ