Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 16:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Kahoo diphutheho tsa tiiswa tumelong, tsa eketseha ka palo ka tsatsi le leng le le leng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Dikereke di ne di itiisa tumelong, mme di ne di anafala ka matsatsi wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Yaba dikereke di matlafatswa tumelong, mme tsa ngatafala ka letsatsi le leng le le leng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Kahoo diphutheho tsa tiiswa tumelong, tsa eketseha ka palo ka tsatsi le leng le le leng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 16:5
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Letsoho la Morena la eba le bona, mme bongata bo boholo ba dumela, ba sokolohela ho Morena.


Mme a haola le Siria le Silisia, a ntse a tiisa dikereke.


Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle. Mme Morena a eketsa ka tsatsi le leng le le leng kerekeng ka ba pholoswang.


Empa ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; mme palo ya banna e ne e ka ba dikete tse hlano.


Mme badumedi ba nna ba eketseha ho Morena, bongata ba banna le basadi.


Lentswe la Modimo la ata; mme palo ya barutuwa ya ata haholo Jerusalema; mme letshwele le leholo la baprista la mamela tumelo.


Ke moo phutheho yohle ya Judea le ya Galelea le ya Samaria ya eba le kgotso, mme e ntse e hahuwa mme ba tsamaya ka ho tshaba Morena, le matshedisong a Moya o Halalelang, ba ata.


Jwale, ho yena ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le ka thero ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se patilwe ho tloha mehleng ya boholoholo.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, le tiye, le se ke la sisinyeha, le atlehise kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hore mosebetsi wa lona hase wa lefeela Moreneng.


Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la tshwaswa joko ya bohlanka.


Jwalokaha le amohetse Kreste Jesu e le Morena, le tsamaye jwalo ho yena.


A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.


ra roma Timothea, ngwaneso, mosebeletsi wa Modimo, mosebeletsi wa rona Evangeling ya Kreste, ho le tiisa, le ho le tshedisa ka baka la tumelo ya lona.


Jwale, Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo, Ntata rona, ya re ratileng, mme ka mohau wa rona a re nea matshediso a sa feleng le tshepo e molemo.


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tse sa tlwaelehang. Hobane ho hotle ha pelo e tiiswa ka mohau; e seng ka dijo tse ba neng ba itshwere ka tsona ba sa kang ba ba thusa.


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ