Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 16:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Eitse ha beng ba hae ba bona hoba tshepo ya ho rua e fedile, ba tshwara Pauluse le Silase, ba ba hulela lepatlelong la motse ho babusi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yare beng ba hae ha ba bona hobane ba senyehetswe ke tshepo ya ho rua, ba tshwara Pauluse le Silase, ba ba hulela kgotla pela babusi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Yare ha beng ba lona ba bona hore tshepo ya bona ya ho rua e fedile, ba tshwara Paulosi le Silase, ba ba hulanyetsa lebaleng la motse, ho babusi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Eitse ha beng ba hae ba bona hoba tshepo ya ho rua e fedile, ba tshwara Pauluse le Silase, ba ba hulela lepatlelong la motse ho babusi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 16:19
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlang oo ba tla nehelana ka lona mahlomoleng, ba le bolaye, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.


Empa le iponele, hobane ba tla nehelana ka lona makgotleng; le tla otlwa ka matlung a thapelo, mme le tla iswa pela babusi le marena ka baka la ka, e be bopaki ho bona.


Jwale ha fihla Bajuda ba tswang Antioke le Ikoniamo, ba hlohlelletsa letshwele, mme ba tlepetsa Pauluse ka majwe, ba mo hulela kantle ho motse, ba re o shwele.


Eitse hobane ho tsohe pherekano ya baditjhaba, le Bajuda, le babusi ba bona, ho ba sotla, le ho ba tlepetsa ka majwe;


Yaba baapostola le baholo le phutheho yohle ba kgahla ho romela banna ba kgethilweng hara bona Antioke le Pauluse le Barnabase; e leng Judase ya bitswang Barasabase, le Silase, banna ba ka sehloohong hara baena.


Ke batho ba beileng bophelo ba bona kotsing ka baka la lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.


Pauluse a ikgethela Silase, mme a tloha, a laeleditswe mohaung wa Modimo ke baena.


Eitse ha re ya thapelong, ra kgahlana le morwetsana e mong ya nang le moya wa bonohe, ya neng a ruisa beng ba hae haholo ka bonohe.


Yaba ba ba isa ho baahlodi, ba re: “Banna bana, e leng Bajuda, ba tshwenya motse wa rona haholo.


Eitse hara mpa ya bosiu Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela, mme batshwaruwa ba ne ba ba utlwa.


Yaba o bitsa lebone, a tlolela ka hare, a tla a thothomela, a itihela kapele ho Pauluse le Silase.


Yare ha ba sa ba fumane, ba hulela Jasone le baena ba bang ho babusi ba motse, ba howa, ba re: “Bana ba ferekantseng lefatshe lohle ba tlile le mona;


Motse kaofela wa sisinyeha, mme letshwele la matha hammoho, mme ba tshwara Pauluse, ba mo hulela kantle ho tempele; mme menyako ya phakisa ya tswalwa.


Haele Saule, a qhala kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hula banna le basadi, a ba kenya teronkong.


Hobane ke tla mmontsha hore na o tshwanetse ho hlokofatswa jwang ka baka la lebitso la ka.


ka lichapo, ka litlamong, ka meferefere, ka meferefere, ka litebelo, ka ho itima lijo;


Le na le ntwa e tshwanang le eo le e boneng ho nna, eo le e utlwang jwale hore e ho nna.


Empa leha re ne re utlwile bohloko pele, le ho hlabiswa dihlong, jwalokaha le tseba, ha re le Filipi, re ile ra ba sebete ka Modimo wa rona ho le bolella Evangeli ya Modimo ka ntwa e kgolo.


Hobane lerato la leruo ke motso wa makgopo wohle;


Empa le nyedisitse bafumanehi. Na hase barui ba le hatellang, ba le hulelang makgotleng a dikgotla na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ