Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 15:28 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Hobane Moya o Halalelang le rona re bone ho le molemo hore re se ke ra le bea moroalo o mong, haese tseo tse hlokahalang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ho hopotswe ke Moya o Halalelang le ke rona, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, haese ba ditaba tsena tse tshwanelang,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Ho rerile Moya o Halalelang le rona hore re se ke ra le jarisa boima bo bong hape, haese tsena tse hlokahalang:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

28 Hobane Moya o Halalelang le rona re bone ho le molemo hore re se ke ra le bea moroalo o mong, haese tseo tse hlokahalang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 15:28
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane joko ea ka e bobebe, mojaro oa ka o bobebe.


Hobane ba tlama mejaro e boima, mme ba e bea mahetleng a batho; empa bona ka bobona ba hana ho di sisinya le ka o mong wa menwana ya bona.


Empa etlare hobane Moya wa nnete o fihle, o tla le tataisetsa nneteng yohle; empa tsohle tseo a di utlwang, o tla di bua, mme o tla le tsebisa tse tlang ho tla.


Ka baka leo, kahlolo ya ka ke hore re se ke ra tshwenya bao e leng baditjhaba ba sokolohetseng ho Modimo.


Eitse ha re phuthehile re le pelo e le nngwe, re bone ho le molemo ho romela banna ba kgethilweng ho lona, ba ena le baratuwa ba rona, Barnabase le Pauluse.


Mme Modimo, o tsebang dipelo, o ba pakile, ka ho ba nea Moya o Halalelang, jwalokaha o entse ho rona;


Yare ha ba ntse ba haola le metse, ba ne ba ba nea ditaelo tse beilweng ke baapostola le baholo ba Jerusalema hore ba di boloke.


Mme rona re dipaki tsa hae tsa taba tseo; mme ho jwalo le ka Moya o Halalelang oo Modimo o o neileng ba o utlwang.


Ekare ha motho a itekanya hore ke moporofeta, kapa ke motho wa moya, a a dumele hore tseo ke le ngollang tsona ke ditaelo tsa Morena.


Jwale malebana le barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, empa ke fana ka maikutlo a ka, ke le ya hauhetsweng ke Morena hore ke tshepehe.


Empa o tla thaba haholo ha a ka dula jwalo, ho ya ka pono ya ka, mme ke lekanya hore le nna ke na le Moya wa Modimo.


Ka baka leo, ya nyatsang ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, wona o re neileng Moya o Halalelang wa wona.


Ba senoletswe hore e ne e se bakeng sa bona, empa e ne e le rona ba sebeletsang dintho tseo le di bolellwang jwale ke ba le boleletseng molaetsa o molemo ka Moya o Halalelang o tswang lehodimong tseo mangeloi a lakatsang ho di sheba.


Empa ke re ho lona, le ba bang ba Thiatire, ba se nang thuto eo, ba sa kang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bolelang kateng; nke ke ka le bea mojaro o mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ