Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 15:22 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Yaba baapostola le baholo le phutheho yohle ba kgahla ho romela banna ba kgethilweng hara bona Antioke le Pauluse le Barnabase; e leng Judase ya bitswang Barasabase, le Silase, banna ba ka sehloohong hara baena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yaba baapostola le baholo, ba ena le kereke kaofela, ba bona hobane ho a tshwanela ha ho ka kgethwa banna hara bona, ba tla romelwa Antioke le Pauluse le Barnabase; ha kgethwa Juda, ya reilweng Barsabase, le Silase, banna ba tshepilweng hara baena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Yaba baapostola le baholo le kereke yohle ba rera ho roma banna ba kgethilweng hara bona ho ya Antiokia le Paulosi le Baranabase: e leng Juda ya bitswang Baranabase le Silase, banna ba baetapele hara badumedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Yaba baapostola le baholo le phutheho yohle ba kgahla ho romela banna ba kgethilweng hara bona Antioke le Pauluse le Barnabase; e leng Judase ya bitswang Barasabase, le Silase, banna ba ka sehloohong hara baena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 15:22
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba kgetha ba babedi, Josefa ya bitswang Barasabase, ya bitswang Justuse, le Matthiase.


Jwale ba neng ba qhalantswe ke mahloriso a hlahileng ka Setefane, ba ya fihla Fenisia, le Sipera, le Antioke, ba sa bolelle motho lentswe, haese Bajuda feela.


Ba bang ho bona e ne e le banna ba Cyprase le Cyrene, ba ileng ba fihla Antioke, ba bua le Bagerike, ba bolela tsa Morena Jesu.


Taba ena ya fihla ditsebeng tsa kereke e Jerusalema, mme ba roma Barnabase hore a ye Antioke.


Matsatsing ao baporofeta ba tloha Jerusalema ba tla Antioke.


Ba ngola mangolo ka bona ka mokgwa ona; Baapostola le baholo le baena ba romela ditumediso ho baena ba ditjhaba tse Antioke le Siria le Silisia.


Eitse ha re phuthehile re le pelo e le nngwe, re bone ho le molemo ho romela banna ba kgethilweng ho lona, ba ena le baratuwa ba rona, Barnabase le Pauluse.


Ka baka leo, re romile Judase le Silase, ba tle ba le bolelle taba tseo ka molomo.


Yare ha ba felehetswa ke kereke, ba haola le Fenisia le Samaria, ba ntse ba bolela tshokoloho ya baditjhaba, mme ba thabisa badumedi bohle.


Judase le Silase, e neng e le bona baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.


Pauluse a ikgethela Silase, mme a tloha, a laeleditswe mohaung wa Modimo ke baena.


Eitse ha beng ba hae ba bona hoba tshepo ya ho rua e fedile, ba tshwara Pauluse le Silase, ba ba hulela lepatlelong la motse ho babusi.


Eitse hara mpa ya bosiu Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela, mme batshwaruwa ba ne ba ba utlwa.


Yaba o bitsa lebone, a tlolela ka hare, a tla a thothomela, a itihela kapele ho Pauluse le Silase.


Yaba baena ba phakisa ba romela Pauluse le Silase Berea bosiu;


Yaba baena ba phakisa ba romela Pauluse ho ya fihla lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala teng.


Ba bang ba bona ba dumela, ba ikopanya le Pauluse le Silase; le bongata bo boholo ba Bagerike ba tshabang borapedi, le basadi ba kgabane ba seng bakae.


Eitse ha Silase le Timothea ba etswa Masedonia, Pauluse a tsieleha moyeng, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.


Yare ha baapostola ba Jerusalema ba utlwa hore Samaria e amohetse lentswe la Modimo, ba romela Petrose le Johanne ho bona.


Hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, ya boletsweng hara lona ke rona, nna le Silefano le Timothea, ha a ka a eba e le tjhe, empa e ne e le E ho yena.


Nna Pauluse, le Silvanase, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, e leng ho Modimo Ntata rona, le ho Morena Jesu Kreste: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Nna Pauluse, le Silvanase, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika e leng ho Modimo Ntata rona, le ho Morena Jesu Kreste:


Ka Silvanase, ngwaneso ya tshepahalang, kamoo ke nahanang kateng, ke le ngoletse hakgutshwane, ke le kgothatsa, ke paka hore ona ke mohau wa nnete wa Modimo oo le emeng ho wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ