Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 14:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Eitse hobane ho tsohe pherekano ya baditjhaba, le Bajuda, le babusi ba bona, ho ba sotla, le ho ba tlepetsa ka majwe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yare ha moferefere o etswa ke baditjhaba le Bajuda le babusi ba bona, hore ba ba etse hampe, le ho ba tlepetsa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Hara baditjhaba le Bajuda, hammoho le babusi ba bona, ha eba le morero wa ho ba etsa hampe le ho ba tlepetsa ka majwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Eitse hobane ho tsohe pherekano ya baditjhaba, le Bajuda, le babusi ba bona, ho ba sotla, le ho ba tlepetsa ka majwe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 14:5
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle;


Hlohonolofatsang ba le rohakang, le rapelle ba le hlorisang.


Empa Bajuda ha ba bona bongata, ba tlala mohono, ba hanyetsa tse bolelwang ke Pauluse, ba nyefola.


Empa Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba borapedi, ba hlomphuwang, le baholo ba motse, ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, mme ba ba leleka naheng ya bona.


Jwale ha fihla Bajuda ba tswang Antioke le Ikoniamo, ba hlohlelletsa letshwele, mme ba tlepetsa Pauluse ka majwe, ba mo hulela kantle ho motse, ba re o shwele.


Empa Bajuda ba sa dumelang ba hlohlelletsa baditjhaba, ba senya dipelo tsa bona ho lwantsha badumedi.


Empa bongata ba motse ba arohana, ba bang ba ema le Bajuda, ba bang ba ema le baapostola.


Empa Bajuda ba sa kang ba dumela, ba susumetswa ke mohono, ba inkela banna ba dihlola ba mofuta o ditshila, ba bokella sehlopha, ba baka moferefere motseng wohle, ba futuhela ba ntlo ya Jasone, ba batla ho ba ntshetsa kantle batho.


Ka maeto hangata, dikotsing tsa metsi, dikotsing tsa dinokwane, dikotsing ke ba heso, dikotsing ke bahetene, dikotsing motseng, dikotsing lefeelleng, dikotsing lewatleng, dikotsing hara baena ba bohata.


Hobane le lona, banabeso, le bile balatedi ba dikereke tsa Modimo tse Judea, tse ho Kreste Jesu;


Ba re hanela ho bua le baditjhaba e le hore ba tle ba bolokehe, e le hore ba tlatse dibe tsa bona kamehla;


Empa leha re ne re utlwile bohloko pele, le ho hlabiswa dihlong, jwalokaha le tseba, ha re le Filipi, re ile ra ba sebete ka Modimo wa rona ho le bolella Evangeli ya Modimo ka ntwa e kgolo.


Dihloriso le ditlokotsi tse ileng tsa ntlhahela Antioke, Ikoniamo, Lystra; dihloriso tseo ke di mameletseng: empa Morena o nkgolotse ho tsona kaofela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ