Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 14:22 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 14:22
49 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le ya sa nkeng sefapano sa hae, mme a ntatela, ha a ntshwanela.


Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.


Hape ke re ho lona: Ho bonolo hore kamele e kene lesoba la nale, ho ena le hore morui a kene mmusong wa Modimo.


Empa o tla newa ha lekgolo jwale nakong ena, matlo, le banababo, le dikgaitsedi, le bommae, le bana, le masimo, hammoho le dihloriso; mme mehleng e tlang, bophelo bo sa feleng.


Ekare ha leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye;


Na Kreste o ne a sa tšoanela ho utloisoa bohloko ke lintho tseo, le ho kena khanyeng ea hae?


Haeba lefatshe le le hloya, le a tseba hore le ntlhoile pele le le hloya.


Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ka re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.


Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna. Mo lefatsheng le tla ba le matshwenyeho: empa betang pelo; Ke hlotse lefatshe.


Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo.


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa bohle hore ba kgomarele Morena ka sepheo sa pelo.


Eitse hobane a mo fumane, a mo tlisa Antioke. Mme ha etsahala hore selemo kaofela ba phuthehela kerekeng, mme ba ruta bongata bo boholo. Mme barutwa ba ne ba bidiwa Bakeresete pele kwa Antioka.


Jwale barutuwa ba rera ho romela dithuso ho baena ba ahileng Judea, e mong le e mong kamoo a neng a ka kgona kateng.


Eitse hobane phutheho e qhalane, Bajuda ba bangata le basokolohi ba borapedi ba latela Pauluse le Barnabase;


Empa yare ha barutuwa ba mo teela hare, a ema, a kena motseng; mme ka le hlahlamang a tloha le Barnabase ho ya Derbe.


Judase le Silase, e neng e le bona baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.


Mme a haola le Siria le Silisia, a ntse a tiisa dikereke.


Eitse hobane a qete nakonyana teng, a tloha, a haola le naha yohle ya Galatia le ya Frigia, a ntse a matlafatsa barutuwa bohle.


Lentswe la Modimo la ata; mme palo ya barutuwa ya ata haholo Jerusalema; mme letshwele le leholo la baprista la mamela tumelo.


Hobane ke tla mmontsha hore na o tshwanetse ho hlokofatswa jwang ka baka la lebitso la ka.


Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.


Ke yena ya tla le tiisa ho isa qetellong, le tle le hloke sekodi ka letsatsi la Morena wa rona Jesu Kreste.


Hobane le neilwe ka baka la Kreste, e seng ho dumela ho yena feela, empa le ho hlokofatswa ka baka la hae;


Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;


A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.


Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna motshwaruwa wa hae;


Ee, le bohle ba ratang ho phela ka borapedi ho Kreste Jesu ba tla hloriswa.


Hobane le bileditswe hona, hobane Kreste le yena o utlwile bohloko bakeng sa rona, a le siela mohlala, hore le latele mehato ya hae.


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.


Le hanyetse yena, le tiile tumelong, le ntse le tseba hore dihloriso tseo di hlahela banababo lona ba lefatsheng.


Hobane ka mokgwa o jwalo le tla ekeletswa ka ho enneng ho kena mmusong o sa feleng wa Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste.


Baratuwa, leha ke ne ke tjhesehela ka matla ho le ngolla tsa poloko eo re nang le yona, ke ile ka tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa hore le lwane ka matla tumelong eo le e neilweng bahalaledi hang feela.


Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.


O se ka wa boifa dilo tse o tla di bogang; bonang, Diabolo o tla latlhela bangwe ba lona mo ntlong ya kgolegelo gore lo lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho ka matsatsi a leshome: o tshepahale ho isa lefung, mme ke tla o nea moqhaka wa bophelo.


Ka re ho yena: Morena, ke wena o tsebang. A re ho nna: Bana ke ba tswang mahlomoleng a maholo, mme ba hlatswitse diaparo tsa bona tse telele, ba di sweufatsa mading a Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ