Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 14:15 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ba re: Benghadi, ke ka baka lang ha le etsa dintho tsee? Le rōna re batho ba nang le maikutlo a tšoanang le a lōna, ’me re le bolella litaba tse molemo hore le furalle lintho tsena tsa lefeela le fetohele ho Molimo o phelang, o entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 ba re: Banna le etsetsang jwalo na? Athe le rona, re batho ba fokolang jwaloka lona; re le bolella hore le lese mekgwa eo ya bosawana, le hore le sokolohele ho Modimo o phelang, o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 ba re: “Banna, le etsetsang jwalo? Le rona re batho jwaloka lona. Re le bolella molaetsa o molemo, e le hore le furalle mafeela ana, le sokolohele ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 ba re: Benghadi, ke ka baka lang ha le etsa dintho tsee? Le rōna re batho ba nang le maikutlo a tšoanang le a lōna, ’me re le bolella litaba tse molemo hore le furalle lintho tsena tsa lefeela le fetohele ho Molimo o phelang, o entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 14:15
67 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Simone Petrose a araba, a re: O Kreste, Mora Modimo o phelang.


Hobane jwalokaha Ntate a ena le bophelo ka ho yena; ka mokgwa o jwalo o neile Mora hore a be le bophelo ka ho yena;


Empa Petrose a mo phahamisa, a re: Ema; Le nna ka bonna ke monna.


Mme rona re le bolella molaetsa o molemo wa tshepiso e ileng ya etsetswa baholoholo ba rona.


Eitse hobane ba bolelle motse oo Evangeli, ba rute ba bangata, ba kgutlela Lystra, Ikone, le Antioke.


A ba ntshetsa ntle, a re: “Banna, ke etse jwang hore ke bolokehe?


A re ho bona: “Banna, ke bona hoba leeto lena le tla ba le tshenyo le tshenyo e kgolo, e seng ya phahlo le sekepe feela, empa le ya maphelo a rona.


Eitse hobane ba se ke ba ja nako e telele, Pauluse a ema hara bona, a re: “Banna, le ka be le ile la nkutlwa, la se ke la tloha Kreta, la fumana kotsi le tahleho ena.


Ka baka leo, betang dipelo, hobane ke dumela Modimo hore ho tla ba jwalokaha o mpoleletse.


Yare ha ba utlwa hoo, ba phahamisetsa mantswe a bona ho Modimo ka tumellano, ba re: “Morena, ke wena Modimo ya entseng lehodimo le lefatshe le lewatle le tsohle tse ho tsona.


Ka la hosasane a iponahatsa ho bona ba ntse ba lwana, a batla ho boela a ba kgotsofatsa, a re: “Banna, le bana ba motho; le fosetsana keng?


Jwale malebana le ho jewa ha dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modingwana ha se letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.


Jwale, ke bolela sena, mme ke paka Moreneng, hore le se ke la hlola le tsamaya jwaloka baditjhaba ba bang, ka bosawana ba dikelello tsa bona.


Hobane bona ka bobona ba bolela tsa ho kena ha rona ho lona, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo ka ho tlohela medimo ya bohata, hore le sebeletse Modimo o phelang, wa nnete;


Empa ha nka dieha, o tle o tsebe kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.


Banabeso, iponeleng, esere mohlomong ho e mong wa lona ho ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, ya ho furalla Modimo o phelang.


Elia e ne e le motho ya maikutlo a tshwanang le a rona, mme a rapela ka matla hore pula e se ke ya na; mme ya se ke ya na lefatsheng ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng.


La re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, le o tlotlise; hobane nako ya kahlolo ya hae e tlile, mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.


Yaba ke itihela maotong a hae ho mo kgumamela. A re ho nna: Bona, o se ke wa etsa jwalo;


Mme ka bona sebata, le marena a lefatshe, le makgotla a wona, a phuthehile ho lwantsha ya kaletseng pere le makgotla a hae.


Yaba o re ho nna: O se ke wa etsa jwalo, hobane ke mohlanka mmoho le wena, le wa banabeno ba baporofeta, le wa ba bolokang dipolelo tsa buka ena;


Morena, o loketswe ke ho newa kganya, le hlompho, le matla;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ