Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:50 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

50 Empa Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba borapedi, ba hlomphuwang, le baholo ba motse, ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, mme ba ba leleka naheng ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

50 Empa Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba hlomphuwang, ba tshabang Modimo, le baholo ba motse; ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, mme ba ba leleka naheng ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

50 Empa Bajuda ba kenya moya ho basadi ba hlomphehang, ba hlomphang Modimo, le ho banna ba ka sehloohong ba motse, hore ba hlorise Paulosi le Baranabase, mme ba ba leleka naheng ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

50 Empa Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba borapedi, ba hlomphuwang, le baholo ba motse, ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, mme ba ba leleka naheng ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:50
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ha ba le hlorisa motseng ona, le balehele ho o mong;


Josefa wa Arimathea, monna wa lekgotla ya kgabane, ya neng a letetse mmuso wa Modimo le yena, a tla ka sebete, a kena ho Pilato, a kopa setopo sa Jesu.


Ba qala ho mo rapela hore a tlohe naheng ya bona.


Eitse hobane phutheho e qhalane, Bajuda ba bangata le basokolohi ba borapedi ba latela Pauluse le Barnabase;


Empa Bajuda ha ba bona bongata, ba tlala mohono, ba hanyetsa tse bolelwang ke Pauluse, ba nyefola.


Jwale ha fihla Bajuda ba tswang Antioke le Ikoniamo, ba hlohlelletsa letshwele, mme ba tlepetsa Pauluse ka majwe, ba mo hulela kantle ho motse, ba re o shwele.


Empa Bajuda ba sa dumelang ba hlohlelletsa baditjhaba, ba senya dipelo tsa bona ho lwantsha badumedi.


Empa bongata ba motse ba arohana, ba bang ba ema le Bajuda, ba bang ba ema le baapostola.


Eitse hobane ho tsohe pherekano ya baditjhaba, le Bajuda, le babusi ba bona, ho ba sotla, le ho ba tlepetsa ka majwe;


Jwale mosadi e mong ya bitswang Lidia, morekisi wa diaparo tse pherese, wa motseng wa Thiatire, ya tshabang Modimo, ya neng a rapela Modimo, a re utlwa, eo pelo ya hae e neng e bulehile, hore a ele hloko tse bolelwang ke Pauluse.


Ba bangata ho bona ba dumela ke hona; le basadi ba bahlomphehi ba Bagerike, le banna, e seng ba mmalwa.


Empa Bajuda ba Thesalonika, ha ba utlwa hore lentswe la Modimo le bolelwa ke Pauluse Berea, ba tla le teng, ba ferekanya letshwele.


Ka baka leo, a buisana le Bajuda ka tlung ya thapelo le badumedi, le ka tsatsi le leng le le leng lebaleng la motse, le ba neng ba kopana le yena.


Ba bang ba bona ba dumela, ba ikopanya le Pauluse le Silase; le bongata bo boholo ba Bagerike ba tshabang borapedi, le basadi ba kgabane ba seng bakae.


Ha a tloha moo, a kena tlung ya monna e mong ya bitswang Justuse, ya tshabang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e bapile le sinagoge.


Ho ne ho ahile Bajuda Jerusalema, banna ba borapedi, ba tswang ditjhabeng tsohle tse tlasa lehodimo.


Eitse ha matsatsi a supileng a le haufi le ho fela, Bajuda ba Asia, ha ba mmona tempeleng, ba ferekanya letshwele lohle, ba mo tshwara.


Eitse hobane ho fete matsatsi a mararo, Pauluse a bokella baholo ba Bajuda; leha ho le joalo, ke ile ka nehelanoa ka motšoaruoa ea tsoang Jerusalema matsohong a Baroma.


Yaba ba ferekanya setjhaba, le baholo, le Ditsebi tsa Molao, mme ba tla ho yena, ba mo tshwara, ba mo isa lekgotleng.


Mme Saule o ne a dumellana le lefu la hae. Mehleng eo ha hloriswa haholo kereke e Jerusalema; mme ba qhalanngwa bohle dinaheng tsa Judea le Samaria, haese baapostola feela.


Hobane ke ba pakela hore ba tjhesehela Modimo, empa e seng ka tsebo.


Ka maeto hangata, dikotsing tsa metsi, dikotsing tsa dinokwane, dikotsing ke ba heso, dikotsing ke bahetene, dikotsing motseng, dikotsing lefeelleng, dikotsing lewatleng, dikotsing hara baena ba bohata.


Hobane le lona, banabeso, le bile balatedi ba dikereke tsa Modimo tse Judea, tse ho Kreste Jesu;


Dihloriso le ditlokotsi tse ileng tsa ntlhahela Antioke, Ikoniamo, Lystra; dihloriso tseo ke di mameletseng: empa Morena o nkgolotse ho tsona kaofela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ