Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Eitse ha ba fihla Salami, ba bolela lentswe la Modimo masinagogeng a Bajuda;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yare ha ba fihla Salamina, ba bolela lentswe la Modimo masinagogeng a Bajuda. Ba ne ba na le Johanne ya ba sebeletsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Yare ha ba fihla Salamise, ba phatlalatsa lentswe la Modimo matlung a thapelo a Bajuda. Ba ne ba ena le Johanne, e le mothusi wa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Eitse ha ba fihla Salami, ba bolela lentswe la Modimo masinagogeng a Bajuda;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:5
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane a nahane taba eo, a ya tlung ya Maria, mma Johanne, ya reilweng Mareka moo ba bangata ba neng ba bokane ho rapela.


Haele Baranabase le Saule, ha ba phethile tshebeletso ya bona, ba tloha Jerusalema, ba tsamaya le Johanne, ya reilweng Mareka.


Empa ha ba tloha Perga, ba fihla Antioke e Pisidia, ba kena sinagogeng ka tsatsi la Sabatha, ba dula.


Yaba Pauluse le Barnabase ba bua ka sebete, ba re: Ho ne ho loketse hore lentswe la Modimo le bolelloe lona pele;


Eitse ha ba le Ikoniamo ba kena hammoho sinagogeng ya Bajuda, ba bua hoo letshwele le leholo la Bajuda le la Bagerike la dumela.


Baranabase a rera ho nka Johanne, ya reilweng Mareka.


Ka baka leo, a buisana le Bajuda ka tlung ya thapelo le badumedi, le ka tsatsi le leng le le leng lebaleng la motse, le ba neng ba kopana le yena.


Ka Sabatha se seng le se seng, o ne a bua ka synagogeng, a kgodisa Bajuda le Bagerike.


Yaba o romela Masedonia ba babedi ba ba mo sebeletsang, e leng Timothea le Erastase; empa yena a hlola Asia nako e itseng.


Mme motse wohle wa tlala moferefere, mme ba phakisa ba le pelo e le nngwe lebaleng, ba tshwara Gaiase le Aristarke, banna ba Masedonia, balekane ba Pauluse, ba tsamaya le Pauluse.


Yaba o kena sinagogeng, a bua ka sebete ka kgwedi tse tharo, a ntse a ruta, a kgodisa ditaba tsa mmuso wa Modimo.


A phakisa a bolela masinagogeng a Kreste, hore ke Mora wa Modimo.


Aristakase motshwaruwa mmoho le nna ba le dumedisa, le Mareka, mora Barnabase, eo le amohetseng ditaelo tsa hae ka yena;


Ke Luka a le mong feela ea nang le ’na. Nka Mareka, u tle le eena, hobane o na le thuso ho ’na tšebeletsong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ