Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:26 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Banna, banabeso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe la poloko ena le rometswe ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Banna ba heso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la poloko le rometswe ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 “Banna ba heso, bana ba Aborahama, le lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la pholoho le rometswe ho rona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Banna, banabeso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe la poloko ena le rometswe ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:26
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa le mpe le ye ho dinku tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele.


Le se ke la nahana ho re ka ho lona: Re na le ntata rona Abrahama;


O re hlahiseditse lenaka la poloko ka tlung ya mohlanka wa hae Davida;


ho fa setjhaba sa hae tsebo ya poloko, ka tshwarelo ya dibe tsa sona;


Le hore pako le tshwarelo ya dibe di bolelwe ka lebitso la hae hara ditjhaba tsohle, ho qala Jerusalema.


Simone Petrose a mo araba, a re: Morena, re tla ya ho mang? ke uena ea nang le mantsoe a bophelo bo sa feleng.


E ne e le monna wa borapedi, ya tshabang Modimo le bohle ba ntlo ya hae, ya neng a abela setjhaba dimpho tse ngata, a rapela Modimo kamehla.


Empa hara setjhaba se seng le se seng, ya o tshabang, mme a etsa ho lokileng, o a amoheleha ho yena.


Eitse hobane phutheho e qhalane, Bajuda ba bangata le basokolohi ba borapedi ba latela Pauluse le Barnabase;


Yaba Pauluse le Barnabase ba bua ka sebete, ba re: Ho ne ho loketse hore lentswe la Modimo le bolelloe lona pele;


Yena a latela Pauluse le rona, a ntse a howeletsa, a re: Batho bana ke bahlanka ba Modimo o hodimodimo, ba re bolellang tsela ya poloko.


Jwalokaha le yena moprista e moholo le phutheho yohle ya baholo ba ntse ba mpaka, mme ke ile ka amohela mangolo ho bona a yang ho baena, mme ka ya Damaseka hore ke tlise ba neng ba le moo ba tlanngwe Jerusalema, hore ba otlwe.


Le tsebe hoba poloko ya Modimo e rometswe ho baditjhaba, mme ba tla e utlwa.


Modimo o tsositse Mora wa wona Jesu ho lona pele, o mo romile ho lona pele, ho le hlohonolofatsa, ka ho fetola e mong le e mong wa lona makgopong a hae.


Mme ha ho poloko ho e mong, hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo le neilweng batho, leo re ka bolokehang ka lona.


Eyang, le eme tempeleng, le bolelle setjhaba mantswe wohle a bophelo bona.


Hobane ha ke hlajwe ke dihlong ka Evangeli ya Kreste, hobane ke matla a Modimo a pholosang e mong le e mong ya dumelang; ho Mojuda pele, le ho Mogerike.


Le lona le tshepile ho yena, ha le se le utlwile lentswe la nnete, molaetsa o molemo wa poloko ya lona;


Hobane tshepo eo le e boloketsweng lehodimong, eo le e utlwileng pele ka lentswe la nnete ya Evangeli;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ