Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Yare ha ba ntse ba sebeletsa Morena, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bileditseng wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ha ba ntse ba sebeletsa Morena, ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule, ba ye mosebetsing oo ke ba bileditseng wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Yare ha ba ntse ba sebeletsa Morena, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bileditseng wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:2
41 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa mofuta oo ha o tswe, haese ka thapelo le ka ho itima dijo.


Hape, ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho jwaloka baikaketsi; Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.


Ka hona rapelang Morena wa kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.


Kamora tseo, Morena a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.


E ne e le mohlolohadi ya ka bang dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene, ya neng a sa tlohe tempeleng, a sebeletsa Modimo ka ho itima dijo le ka merapelo bosiu le motsheare.


Yare Petrose a ntse a nahana ka pono eo, Moya wa re ho yena: Bona, banna ba bararo ba a o batla.


Korenelio a re: Matsatsi a mane a fetileng ke ne ke itima dijo, ho fihlela hora ena; ka hora ya boroba mono o le mong, ka rapela tlung ya ka, mme bonang, ka bona monna ya apereng seaparo se kganyang, a ema pela ka;


Eitse hobane ba itime dijo, ba rapele, ba bea matsoho hodima bona, ba ntoo ba kgutlisa.


Yaba bona, kahobane ba romilwe ke Moya o Halalelang, ba theohela Selosia; ba tloha teng ka sekepe, ba ya Sipera.


Ho tloha moo ka sekepe ho ya Antioke, moo ba neng ba laeleditswe mohaung wa Modimo bakeng sa mosebetsi oo ba o phethileng.


Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.


A re ho nna: Tloha, hobane ke tla o romela ho baditjhaba hole.


Le Josefa, eo baapostola ba mo reileng Barnabase, ke ho re, Mora wa Matshediso, ke ho re, Molevi, wa naha ya Sipera.


Empa rona re tla nne re tiisetse thapelong le tshebeletsong ya lentswe.


Yaba Moya o re ho Filipi: “Atamela, o tsamaye le koloi ena.”


Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane yena ke sejana se kgethilweng ho nna, sa ho jara lebitso la ka pela baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Kreste Jesu, ya bitseditsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: A matle hakakang maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso, ba tlisang molaetsa o molemo wa tse molemo!


Hore ke tle ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu ho baditjhaba, ya bolelang Evangeli ya Modimo, hore sehlabelo sa baditjhaba se tle se amohelehe, se halaleditswe ke Moya o Halalelang.


Empa tsena tsohle di sebetsa Moya o le mong o le mong, o arolelang e mong le e mong kamoo o ratang kateng.


Le se ke la etsetsana bolotsana, haese ka tumellano ka nako e itseng, le tle le ikemisetse ho itima dijo le ho rapela; le boele le kopane, Satane a tle a se ke a le leka ka baka la ho se ithibe ha lona.


Ka kgathala le bohloko, ke fadimehile hangata, ka tlala le lenyora, ka ho itima dijo hangata, ka serame le ho hlobola.


ka lichapo, ka litlamong, ka meferefere, ka meferefere, ka litebelo, ka ho itima lijo;


Empa eitse ha ho kgahla Modimo, ya nkarohanyang le popelong ya mme, wa mpitsa ka mohau wa wona,


Ke entswe mosebeletsi wa yona, ho ya ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona.


Le re ho Arkipo: Hlokomela tshebeletso eo o e filweng Moreneng, hore o e phethe.


Tseo ke kgethetsweng ho ba mmoledi le moapostola wa tsona, ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano, ke le moruti wa baditjhaba tumelong le nneteng.


Tseo ke laetsweng ho ba mmoledi wa tsona, le moapostola, le moruti wa baditjhaba.


Tseo o di utlwileng ho nna hara dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepehang, ba tlang ho tseba ho ruta ba bang.


Ke Luka a le mong feela ea nang le ’na. Nka Mareka, u tle le eena, hobane o na le thuso ho ’na tšebeletsong.


Empa wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethe tshebeletso ya hao ka botlalo.


Ha ho motho ya inkelang tlotla eo, haese ya bitsitsweng ke Modimo, jwaloka Arone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ