Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 A re: “Wena ngwana wa Diabolose, wena ya tletseng mano wohle le bolotsana bohle, wena sera sa ho loka hohle, na o ke ke wa lesa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 a re: Wena, motho ya tletseng thetso yohle le mano a mabe wohle, mora Diabolose, sera ho tsohle tse lokileng, na o tla lesa neng ho sokanya tsela tsa Morena tse lokileng na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 “Ngwana Diabolosi! Wena ya tletseng thetso le bokgopo bohle! Sera sa toka yohle! Na ha o sa tla kgaotsa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 A re: “Wena ngwana wa Diabolose, wena ya tletseng mano wohle le bolotsana bohle, wena sera sa ho loka hohle, na o ke ke wa lesa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:10
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tshimo ke lefatshe; peo e ntle ke bana ba mmuso; empa mofoka ke bana ba ea khopo;


Hobane pelong ho tswa mehopolo e mebe, le dipolao, le bofebe, le bohlola, le boshodu, le bopaki ba leshano, le dinyefolo.


Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo;


Eitse ha a bona Bafarisi le Basadusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a re ho bona: Madinyane a marabe ke lona, le lemositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?


Morena a re ho yena: Jwale, lona Bafarisi le hlatswa senwelo le mokeke bokantle; empa bokahare ba lona bo tletse boshodu le bokgopo.


Ho madimabe lona, baruti ba molao! hobane le tlositse senotlolo sa tsebo;


A re: Ke lentswe la ya howang feelleng, le re: Lokisang mmila wa Morena, jwalokaha moporofeta Esaia a boletse.


Lona le ba ntata lona Diabolose, mme le rata ho etsa ditakatso tsa ntata lona. E ne e le mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane nnete ha e yo ho yena. Ha a bua leshano, o ipuella tsa hae, hobane ke ya leshano, mme ke ntata wona.


Le ho lona ho tla hlaha banna, ba tla bua ditaba tse kgopo, ho ikhulela barutuwa hore ba ba sale morao.


Empa ke tšaba hore ka tsela efe kapa efe, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka senyeha hore li tlohe botšepehing bo ho Kreste.


Se e seng se sele; mme go na le bangwe ba ba lo tshwenyang, ba batla go sokamisa Efangele ya ga Keresete.


Hore re tle re se ke ra hlola re eba bana, ba hehehelwang kwana le kwana, ba fefolwang ke moya o mong le o mong wa thuto, ka mano a batho, ka mano a mano a ho thetsa ka bona;


ba furaletseng tsela e lokileng, ba kgelohile ka ho latela tsela ya Balaame, mora Bosore, ya ratileng moputso wa bokgopo;


Yo o dirang boleo ke wa ga Diabolo; hobane Diabolose o ntse a etsa sebe ho tloha qalong. Mora Modimo o bonahaditswe ka morero ona, e le hore a senye mesebetsi ya Diabolose.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ