Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 13:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Jwale Antioke ho ne ho ena le baporofeta le baruti ba bang phuthehong ya teng e le Barnabase, le Simeone, ya bitswang Nigere, le Lusiase wa Cyrene, le Manaene, ya neng a hodisitswe le Heroda, le Saule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Baporofeta le baruti ba bang ba ne ba le teng Antioke, kerekeng ya teng Antioke, e le Barnabase, le Simone, ya reilweng Nigere, le Lusiuse, wa Sirene, le Manahene, ya neng a hodisitswe le Heroda moteterareke, le Saule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Kerekeng ya Antiokia ho ne ho ena le baporofeta le baruti, e leng Baranabase le Simeone, ya neng a bitswa Botsho, le Losaniase wa Sirene, le Manaene, ya hodisitsweng le kgosi Heroda, le Saule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Jwale Antioke ho ne ho ena le baporofeta le baruti ba bang phuthehong ya teng. e le Barnabase, le Simeone, ya bitswang Nigere, le Lusiase wa Cyrene, le Manaene, ya neng a hodisitswe le Heroda, le Saule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 13:1
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha ba etswa, ba fumana monna wa Sirene, lebitso la hae e le Simone; ba mo qobella ho jara sefapano sa hae.


Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda e le moteterareke wa Galelea, Filipi ngwanabo e le moteterareke wa Iturea le wa Terakonite, Lysaniase e le moteterareke wa Abilene,


Ba fela ba etsa jwalo, mme ba e romela ho baholo ka matsoho a Barnabase le Saule.


Haele Baranabase le Saule, ha ba phethile tshebeletso ya bona, ba tloha Jerusalema, ba tsamaya le Johanne, ya reilweng Mareka.


Yaba Saule, ya bitswang Pauluse, a tletse Moya o Halalelang, a mo tadima.


Judase le Silase, e neng e le bona baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.


Pauluse le Barnabase ba dula Antioke, ba ruta, ba bolela lentswe la Morena, ba ena le ba bang ba bangata.


Eitse hobane Pauluse a ba bee matsoho, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona; mme ba bua ka dipuo, mme ba porofeta.


Monna enoa o ne a e-na le barali ba bane, baroetsana ba neng ba profeta.


Le Josefa, eo baapostola ba mo reileng Barnabase, ke ho re, Mora wa Matshediso, ke ho re, Molevi, wa naha ya Sipera.


Empa Saule, a ntse a tswela pele ho tshosetsa le ho bolaya barutuwa ba Morena, a ya ho moprista e moholo.


Timothea, mosebetsi-’moho le ’na, oa le lumelisa, le Lusiase, le Jasone, le Sosipatere, banab’eso.


Monna e mong le e mong ya rapelang, kapa ya porofetang, a rwetse hloohong, o tlontlolla hlooho ya hae.


Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ke utlwisisa diphiri tsohle le tsebo yohle; mme leha ke na le tumelo yohle, hoo nka tlosang dithaba, mme ke se na lerato, ha ke letho.


Lerato ha le fele le ka mohla; leha ho le maleme, a tla kgaotsa; leha ho le tsebo, e tla fela.


Baporofeta ba bue ba babedi kapa ba bararo, mme ba bang ba ahlole.


Mme meya ya baporofeta e ikokobeletsa baporofeta.


Kapa ke nna le Barnabase feela, re na le matla a ho lesa ho sebetsa?


Le Bajuda ba bang ba ikana le yena; hoo le Barnabase a bileng a kgeloswa ke boikaketsi ba bona.


Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba bonahala e le ditshiya, ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba nea nna le Barnabase matsoho a matona a kopano; hore re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


A nea ba bang hore e be baapostola; mme ba bang, baporofeta; mme ba bang, baevangedi; mme ba bang badisa le baruti;


Bahalaleli bohle ba a le dumedisa, haholoholo ba ntlo ya Sesare.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ