Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 11:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Hobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo, mme bongata bo boholo ba ekeletswa ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Hobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo; mme batho ba bangata haholo ba kgomarela Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 kahobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo. Yaba letshwelehadi le sokolohela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Hobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo, mme bongata bo boholo ba ekeletswa ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 11:24
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motho ya molemo o ntsha tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae;


A re ho yena: O mpiletsang ya molemo? ha ho ya molemo, haese a le mong, e leng Modimo;


Jwale, bonang, ho ne ho le monna ya bitswang Josefa, monna wa lekgotla; mme e ne e le monna ya molemo, ya lokileng.


Letshwele le ne le dumaduma ka yena, hobane ba bang ba ne ba re: “O molemo; empa o kgelosa batho.


Letsoho la Morena la eba le bona, mme bongata bo boholo ba dumela, ba sokolohela ho Morena.


Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo tse ding, kamoo Moya o ba buisang kateng.


Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle. Mme Morena a eketsa ka tsatsi le leng le le leng kerekeng ka ba pholoswang.


Mme ka mokgwa ona ke ikitlaelletsa ho ba le letswalo le se nang molato ho Modimo le ho batho kamehla.


Mme badumedi ba nna ba eketseha ho Morena, bongata ba banna le basadi.


Ka baka leo, banabeso, ikgetheleng hara lona banna ba supileng, ba botumo bo botle, ba tletseng Moya o Halalelang le bohlale, bao re ka ba beang ho okamela mosebetsi ona.


Taba eo ya kgahlisa bongata bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokoro, le Nikanore, le Timone, le Parmenase, le Nikolase, mosokolohi wa Antioke.


Setefane, a tletse tumelo le matla, a etsa mehlolo e meholo le meeka hara batho.


Ke moo phutheho yohle ya Judea le ya Galelea le ya Samaria ya eba le kgotso, mme e ntse e hahuwa mme ba tsamaya ka ho tshaba Morena, le matshedisong a Moya o Halalelang, ba ata.


Leha ho le jwalo, banabeso, ke le ngoletse ka sebete ka mokgwa o itseng, ka ho le hopotsa ka mohau oo ke o filweng ke Modimo.


Hobane ke ka thata e mong a ka shwelang ya lokileng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ