Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 11:22 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Taba ena ya fihla ditsebeng tsa kereke e Jerusalema, mme ba roma Barnabase hore a ye Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Taba eo, eitse ha e utlwahala kerekeng ya Jerusalema, ba roma Barnabase hore a etele Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Jwale taba ena ya fihla tsebeng tsa kereke, Jerusalema, mme ba romela Baranabase, Antiokia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Taba ena ya fihla ditsebeng tsa kereke e Jerusalema, mme ba roma Barnabase hore a ye Antioke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 11:22
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baapostola le baena ba leng Judea ba utlwa hore baditjhaba le bona ba amohetse lentswe la Modimo.


Jwale ba neng ba qhalantswe ke mahloriso a hlahileng ka Setefane, ba ya fihla Fenisia, le Sipera, le Antioke, ba sa bolelle motho lentswe, haese Bajuda feela.


Ba bang ho bona e ne e le banna ba Cyprase le Cyrene, ba ileng ba fihla Antioke, ba bua le Bagerike, ba bolela tsa Morena Jesu.


Eitse hobane a mo fumane, a mo tlisa Antioke. Mme ha etsahala hore selemo kaofela ba phuthehela kerekeng, mme ba ruta bongata bo boholo. Mme barutwa ba ne ba bidiwa Bakeresete pele kwa Antioka.


Matsatsing ao baporofeta ba tloha Jerusalema ba tla Antioke.


Jwale, ha ho e-ba le phapang e khōlō le Barnabase le bona, ha etsoa qeto ea hore Pauluse le Barnabase le ba bang ba bona ba nyolohele Jerusalema ho baapostola le baholo mabapi le taba ena.


Yaba baapostola le baholo le phutheho yohle ba kgahla ho romela banna ba kgethilweng hara bona Antioke le Pauluse le Barnabase; e leng Judase ya bitswang Barasabase, le Silase, banna ba ka sehloohong hara baena.


Eitse hobane a theohele Sesarea, a nyoloha, a dumedisa kereke, a theohela Antioke.


Taba eo ya kgahlisa bongata bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokoro, le Nikanore, le Timone, le Parmenase, le Nikolase, mosokolohi wa Antioke.


Yare ha baapostola ba Jerusalema ba utlwa hore Samaria e amohetse lentswe la Modimo, ba romela Petrose le Johanne ho bona.


Empa Barnabase a mo nka, a mo isa ho baapostola, a ba phetela kamoo a boneng Morena tseleng kateng, a bileng a buile le yena, le kamoo a boletseng lebitso la Jesu ka sebete Damaseka kateng.


Empa Petrose ha a fihla Antioke, ka mo hanyetsa mahlong, hobane o ne a na le molato.


Empa jwale, ha Timothea a etswa ho lona, a tla ho rona, a re tlisetsa molaetsa o molemo wa tumelo ya lona le lerato la lona, le hore le ntse le re hopola hantle ka mehla, le hlolohetswe haholo ho re bona jwalokaha le rona re le bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ