Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 10:43 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

43 Baporofeta bohle ba paka ka yena hore e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla fumana tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Baporofeta bohle ba mmoletse ka taba ya hore, e mong le e mong ya dumelang ho yena, o tla bona tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

43 Baporofeta bohle ba a mo paka, ba re e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla amohela tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

43 Baporofeta bohle ba paka ka yena hore e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla fumana tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 10:43
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya dumelang, mme a kolobetswa, o tla bolokeha; empa ya sa dumeleng o tla ahlolwa.


Le hore pako le tshwarelo ya dibe di bolelwe ka lebitso la hae hara ditjhaba tsohle, ho qala Jerusalema.


Filipi a fumana Nathanaele, a re ho yena: Re fumane eo Moshe a ngodileng ka yena molaong, le baporofeta, e leng Jesu, mora Josefa, wa Nasaretha.


Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng, mme a ke ke a kena kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Mme ha a ka a bea phapang mahareng a rona le bona, a hlwekisa dipelo tsa bona ka tumelo.


Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla amohela neo ya Moya o Halalelang.


Ho tutubolla mahlo a bona, le ho ba tlosa lefifing ho ya leseding, le ho tloha matleng a Satane ho ya ho Modimo, ba tle ba amohele tshwarelo ya dibe, le lefa hara ba halaleditsweng ka tumelo e ho nna.


Ka hona, kaha ke fumane thuso ho Modimo, ke ile ka ema ho fihlela letsatsing lena, ke pakela ba banyenyane le ba baholo, ke sa bue tse ding haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng di tla etsahala.


Leina la gagwe ka go dumela mo leineng la gagwe le nonotshitse monna yo, yo lo mmonang, lo lo mo itseng;


Empa dintho tseo Modimo o di boletseng pele ka melomo ya baporofeta bohle ba hae, hore Kreste o tla hlokofatswa, o di phethile jwalo.


Hobane Lengolo le re: E mong le e mong ya dumelang ho yena a ke ke a hlajwa ke dihlong.


Empa jwale, ho loka ha Modimo ho bonahetse kantle ho molao, ho pakilweng ke Molao le Baporofeta;


Ka baka leo, kahobane re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste;


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Jwale, ha ho sa le tsuo ho ba leng ho Kreste Jesu, ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka Moya.


Ke mang ya ahlolang? Kreste ke yena ya ileng a shwa, e, haholo, ya tsohileng bafung, ya ka letsohong le letona la Modimo, ya bileng a re rapellang.


Empa Lengolo le hlahletse tsohle ditlamong tsa sebe, e le hore pallo e tswang tumelong ya Jesu Kreste e tle e newe ba dumelang.


Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;


Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe.


Jwale Modimo wa kgotso, o tsositseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Ba batlisisa hore na ke nako efe, kapa hore na ke nako e jwang eo Moya wa Kreste o neng o le ho bona o neng o bolela ka yona, ha o ne o bolela esale pele ka mahlomola a Kreste, le kganya e tlang ho latela.


Yaba ke itihela maotong a hae ho mo kgumamela. A re ho nna: Bona, o se ke wa etsa jwalo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ