Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 10:41 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 E seng ho batho bohle, empa e le ho dipaki tse kgethilweng pele ke Modimo, e leng rona ba ileng ba ja le ho nwa le yena ka mora ho tsoha ha hae bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 e seng ho setjhaba kaofela, e le ho dipaki tseo Modimo o di kgethileng pele, e leng rona bao re jeleng, re nweleng le yena, hobane a tsohe bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

41 e seng ho batho bohle, empa ho dipaki tse kgethilweng ke Modimo e sa le pele, e leng rona ba ileng ba eja, ba enwa le yena kamora ho tsoha ha hae bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

41 E seng ho batho bohle, empa e le ho dipaki tse kgethilweng pele ke Modimo, e leng rona ba ileng ba ja le ho nwa le yena ka mora ho tsoha ha hae bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 10:41
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha a dutse dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.


E leng Moya wa nnete; eo lefatshe le ke keng la mo amohela, kahobane ha le o bone, leha e le ho o tseba; hobane o ahile le lona, mme o tla ba ka ho lona.


Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le a mpona, hobane ke phela, le lona le tla phela.


Judase, e seng Iskariota, a re ho yena: Morena, o tla iponahatsa jwang ho rona, e seng ho lefatshe?


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le behile hore le tsamaye, mme le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di nne di dule, hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, a le nee yona.


Le lona le tla paka, hobane le bile le nna ho tloha tshimolohong.


Jesu a tla, a nka bohobe, a ba nea bona, a ba a ba nea le dihlapi.


Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.


Eitse ha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, le mpe le letele pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna.


Mme rona re dipaki tsa tsohle tseo a di entseng naheng ya Bajuda le Jerusalema; eo ba mmolaileng, ba mo fanyeha sefateng;


A bonwa ka matsatsi a mangata ke ba neng ba nyolohetse le yena ho tloha Galelea ho ya Jerusalema, bao e leng dipaki tsa hae pela setjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ