Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 10:38 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

38 Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

38 Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 10:38
40 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ha ke leleka batemona ka Moya wa Modimo, mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.


Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae.


Jesu a ya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.


Mme a hlollwa ke ho se dumele ha bona. A ya le metse le metsana, a ruta.


Mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho sa mmele o kang wa leeba, mme lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka ya ratwang; ke kgahlwa ke wena.


Moya wa Morena o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana Evangeli; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba holehilweng tokoloho, le difofu hore di boele di bone, le ho lokolla ba hateletsweng.


Eitse ha a sa tla, modemona a mo akgela fatshe, a mo hahola. Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, a mo busetsa ho ntatae.


Hobane Mora motho ha a a tla ho timetsa meya ya batho, empa e le ho e pholosa. Mme ba ya motseng o mong.


Jesu a ba araba, a re: Ke le bontshitse mesebetsi e mengata e metle, e tswang ho Ntate; Le nk tlepetsa ka baka la mosebetsi ofe ho oo?


Bonang, nako e a tla, e, e se e fihlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ha habo, mme le ntlohele ke le mong;


Yena a tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo;


Hobane eo Modimo o mo romileng, o bolela dipolelo tsa Modimo;


Le se ke la sebeletsa dijo tse felang, le mpe le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora motho a tla le nea tsona;


Le a tseba, lentswe leo le ileng la bolelwa naheng yohle ya Judea, ho tloha Galilea, kamora kolobetso eo Johanne a neng a e bolela.


Lōna banna ba Iseraele, utloang mantsoe ana; Jesu wa Nasaretha, monna ya hlatsetsweng ke Modimo hara lona ka mehlolo, le meeka, le mehlolo, eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona.


O ratile ho loka, mme o hloile bokgopo; ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo ho feta balekane ba hao.


Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;


Empa lona le na le tlotso e tswang ho Mohalaledi, mme le tseba tsohle.


Yo o dirang boleo ke wa ga Diabolo; hobane Diabolose o ntse a etsa sebe ho tloha qalong. Mora Modimo o bonahaditswe ka morero ona, e le hore a senye mesebetsi ya Diabolose.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ