Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 1:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Empa le tla amohela matla, Moya o Halalelang o tle ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Empa le tla amohela matla, Moya o Halalelang o tle ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 1:8
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.


Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;


A re ho bona: Eyang ka lefatshe lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangeli.


Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kwahela;


Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha le diphepheng, le matla ohle a sera;


Empa ba mo qophella, ba re: Lula le rona, hobane e se e le mantsiboya, mme letsatsi le se le ile. Mme a kena ho ya hlola le bona.


Le lona le tla paka, hobane le bile le nna ho tloha tshimolohong.


Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.


Hobane Johanne o hlile o kolobeditse ka metsi; empa le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang, ho se ho fetile matsatsi a seng makae.


A bonwa ka matsatsi a mangata ke ba neng ba nyolohetse le yena ho tloha Galelea ho ya Jerusalema, bao e leng dipaki tsa hae pela setjhaba.


Jesu eo Modimo o mo tsositse, mme rona bohle re dipaki tsa taba eo.


Hobane o tla ba paki ya hae ho batho bohle ya tseo o di boneng, le tseo o di utlwileng.


Le bolaile Morena wa bophelo, eo Modimo o mo tsositseng bafung; tseo re leng dipaki tsa tsona.


Baapostola ba paka tsoho ya Morena Jesu ka matla a maholo, mme mohau o moholo wa eba hodima bona bohle.


Mme rona re dipaki tsa hae tsa taba tseo; mme ho jwalo le ka Moya o Halalelang oo Modimo o o neileng ba o utlwang.


Setefane, a tletse tumelo le matla, a etsa mehlolo e meholo le meeka hara batho.


Mme Saule o ne a dumellana le lefu la hae. Mehleng eo ha hloriswa haholo kereke e Jerusalema; mme ba qhalanngwa bohle dinaheng tsa Judea le Samaria, haese baapostola feela.


Empa ke re: Na ha ba eso ho utlwe? Ee ruri, tumo ya bone e ne ya ya kwa lefatsheng lotlhe, le mafoko a bone kwa bokhutlong jwa lefatshe.


Ka matla a dipontsho le meeka, ka matla a Moya wa Modimo; hoo ke bileng ka bolela Evangeli ya Kreste ka botlalo, ho tloha Jerusalema le mathoko a yona ho ya fihla Ilirike.


Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ