Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 1:4 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Eitse ha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, le mpe le letele pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Enereha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, ba mpe ba lebelle pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Yare ha a ena le bona, a ba laela, a re: “Le se ke la ba la tloha Jerusalema, le mpe le emele seo le se tshepisitsweng ke Ntate, seo le se utlwileng ka nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Eitse ha a phuthehile le bona, a ba laela hore ba se ke ba tloha Jerusalema, le mpe le letele pallo ya Ntate, eo le e utlwileng ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 1:4
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane ha se lona ba buang, empa ke Moya wa Ntata lona o buang ka lona.


Ha ho le jwalo, ha lona, le le ba kgopo, le tseba ho nea bana ba lona dineo tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea Moya o Halalelang ho ba mo kopang?


Hobane ka yona nako eo Moya o Halalelang o tla le ruta seo le lokelang ho se bua.


Ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, hore a dule le lona ka ho sa feleng;


Etlare ha Moemedi a fihla, eo ke tla mo romela ho lona a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.


Hoba a rialo, a budulela ho bona, a re ho bona: Amohelang Moya o Halalelang!


(Empa o ne a bua ka Moya oo ba dumelang ho yena ba neng ba tla o amohela, hobane Moya o Halalelang o ne o eso ho newe, hobane Jesu o ne a eso tlotliswe.)


E seng ho batho bohle, empa e le ho dipaki tse kgethilweng pele ke Modimo, e leng rona ba ileng ba ja le ho nwa le yena ka mora ho tsoha ha hae bafung.


Ka baka leo, kahobane a phahamiseditswe ka letsohong le letona la Modimo, mme a amohetse pallo ya Moya o Halalelang ho Ntate, o tsholotse sena, seo le se bonang, le se utlwang jwale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ