Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 1:25 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 e le hore a ka nka karolo ya tshebeletso ena le boapostola boo Judase a ileng a kgeloha ho bona, hore a ye sebakeng sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 hore a nke kabelo ya tshebeletso ena le ya boapostola bona Judase a bo kgelohileng ho ya sebakeng seo e leng sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 hore e be mohlahlami tshebeletsong ena ya boapostola, eo Judase a e furaletseng, a ya sebakeng se mo lokelang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 e le hore a ka nka karolo ya tshebeletso ena le boapostola boo Judase a ileng a kgeloha ho bona, hore a ye sebakeng sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 1:25
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae;


Bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.


Mora Motho o ikela jwalokaha ho ngodilwe hodima hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekwang ke yena! Ho ka be ho bile molemo ho motho eo hoja a sa ka a tswalwa.


Eitse hobane a qete sengwathwana, Satane a kena ho yena. Yaba Jesu o re ho yena: Seo o se etsang, o se etse kapele.


Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka ba boloka ka lebitso la hao, bao o nneileng bona; hore Lengolo le tle le etsahale.


Ke yena eo re amohetseng mohau le boapostola ka yena, hore ditjhaba tsohle di utlwe tumelo ka baka la lebitso la hae.


Leha ke se moapostola ho ba bang, ho lona ruri ke yena;


Hobane ya sebeleditseng Petrose boapostola ba ba bolotseng, ke yena ya neng a na le matla ho baditjhaba ho nna.)


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ