Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 1:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Bao bohle ba tiisetsa thapelong le thapeding, ba le pelo e le nngwe, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le banababo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Bao bohle ba nna ba tiisetsa ka pelo e le nngwe ho rapela le ho kopa, ba ena le basadi, le Maria, mma Jesu, le banababo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Bana kaofela, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le bana babo Jesu, ba tiisetsa thapelong ka maikutlo a le mang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Bao bohle ba tiisetsa thapelong le thapeding, ba le pelo e le nngwe, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le banababo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 1:14
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare a sa bua le bongata, mmae le banababo ba ema kantle, ba rata ho bua le yena.


Tsohle tseo le di kopang ka thapelo le dumetse, le tla di amohela.


Mme basadi ba bangata ba ne ba le teng moo, ba tadimile ba le hole, ba neng ba latetse Jesu ha a etswa Galelea, ba mo sebeletsa.


Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le hole, hara bona ho le Maria Magdalena, le Maria mma Jakobo e monyenyane le Jose, le Salome;


Ha Sabatha e se e fetile, Maria Magdalena, le Maria mma Jakobo, le Salome, ba reka dinoko, hore ba ye ho mo tlotsa.


Ha ho le jwalo, ha lona, le le ba kgopo, le tseba ho nea bana ba lona dineo tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea Moya o Halalelang ho ba mo kopang?


A ba bolella le setshwantsho sa hore batho ba lokela ho rapela kamehla, mme ba se ke ba kgathala;


Mme ba ba mo itseng botlhe, le basadi ba ba mo setseng morago go tswa kwa Galelea, ba ne ba eme ba le kgakala, ba lebile dilo tse.


Le basadi ba neng ba tlile le yena ha ba etswa Galelea, ba latela, ba bona lebitla, le kamoo setopo sa hae se beilweng kateng.


E ne e le Maria Magdalena, le Johanna, le Maria mma Jakobo, le basadi ba bang ba nang le bona, ba bolellang baapostola taba tseo.


Ba tloha ka yona nako eo, ba kgutlela Jerusalema, ba fihlela ba leshome le motso o mong ba phuthehile le ba nang le bona.


Mme ba nna ba le ka Tempeleng kamehla, ba boka Modimo. Amen.


A bolellwa ba bang, ha thwe: Mmao le bana beno ba eme kantle, ba rata ho o bona.


Eitse ha letsatsi la Pentekonta le se le fihlile, ba ne ba dutse bohle nqalong e le nngwe, ba le kgopolo e le nngwe.


Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya boena, le ho ngwathweng ha bohobe, le merapelong.


Ba nna ba tiisetsa tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ka pelo e le nngwe, ba ngwatha bohobe le ntlo le ntlo, ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka pelo e hlwekileng.


Empa rona re tla nne re tiisetse thapelong le tshebeletsong ya lentswe.


Thabang tšepong; mamello matshwenyehong; le phehelle thapelong;


Ka baka leo, ya buang ka dipuo a rapele hore a fetolele.


Ka kamehla le rapele ka Moya, ka thapelo yohle le thapeli, le fadimehele teng ka tiisetso yohle le thapello bakeng sa bahalaledi bohle.


Tswelelang mo thapelong, mme lo nne lo disitse mo go yone ka tebogo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ