Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 1:13 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Yare hobane ba kene hae, ba hlwella phaposing e kahodimo, moo ho neng ho dula Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Bartholome, le Mattheu, le Jakobo, mora Alfea, le Simone Selote, le Judase, mora Jakobo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yare hobane ba kene hae, ba hlwella phaposing e kahodimo, moo ho neng ho dula Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Bartholome, le Mattheu, le Jakobo, mora Alfea, le Simone Selote, le Judase, mora Jakobo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ha ba se ba kene teng, ba nyolohela ka kamoreng e kahodimo, moo Petrose, le Johanne, le Jakobo, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Baretholome, le Matheu, le Jakobo mora wa Alefiose, le Simone Motjhesehi, le Judase mora wa Jakobo, ba neng ba emisitse teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Yare hobane ba kene hae, ba hlwella phaposing e kahodimo, moo ho neng ho dula Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Bartholome, le Mattheu, le Jakobo, mora Alfea, le Simone Selote, le Judase, mora Jakobo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 1:13
45 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha Jesu a tloha teng, a tloha moo, a bona monna ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A ema, a mo latela.


O tla le bontsha kamore e kahodimo e kgolo, e lokisitsweng, e lokisitsweng; le re lokisetse teng.


A nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, a tsamaya le yena, mme a qala ho hlollwa haholo le ho tsieleha haholo.


Eitse ha a feta, a bona Levi, mora Alfea, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A tsoha, a mo latela.


Mme ha a ka a dumella motho ho mo latela, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne, ngwanabo Jakobo.


Eitse hobane ho fete matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, a nyolohela le bona thabeng e telele ba le bang;


O tla le bontsha phaposi e kgolo e kahodimo, e nang le thepa; le lokise teng.


Yaba Thomase, ya bitswang Didima, o re ho barutuwa ka yena: A re yeng le rona, re tle re shwe le yena.


Judase, e seng Iskariota, a re ho yena: Morena, o tla iponahatsa jwang ho rona, e seng ho lefatshe?


Jwale, morwetsana ya lebelang monyako a re ho Petrose: Na le wena ha o e mong wa barutuwa ba monna eo na? A re: Ha ke yena.


Simone Petrose, le Thomase, ya bitswang Didima, le Nathanaele wa Kana ya Galilea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba hae ba babedi ba ne ba le mmoho.


Mme a ba gwetlha ka seatla gore ba didimale, a ba bolelela ka fa Morena a mo ntshitseng mo ntlong ya kgolegelo ka teng. A re: Bolellang Jakobo le baena taba tseo. A tloha, a ya sebakeng se seng.


Eitse hobane ba homole, Jakobo a araba, a re: Banna ba heso, nkutlweng.


Empa Petrose a ema le ba leshome le motso o mong, a phahamisa lentswe, a re ho bona: Banna ba Judea, le lona bohle ba ahileng Jerusalema, taba ena e ke e tsejwe ke lona, mme le mamele dipolelo tsa ka.


Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla amohela neo ya Moya o Halalelang.


Ho ne ho le mabone a mangata phaposing e kahodimo, moo ba neng ba bokane teng.


Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, mme ba lemohile hoba ke batho ba sa rutehang, ba hlokang tsebo, ba hlollwa; mme ba elellwa hore ba kile ba ba le Jesu.


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Le ahlole lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona ho feta Modimo.


Kamora tseo, a iponahatsa ho Jakobo; ya ntano ba ho baapostola bohle.


Empa ha ke a ka ka bona e mong wa baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena.


Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba bonahala e le ditshiya, ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba nea nna le Barnabase matsoho a matona a kopano; hore re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke ngolla meloko e leshome le metso e mmedi e qhalaneng, ke le dumedisa.


Moholo ke ngolla mofumahadi ya kgethilweng, le bana ba hae, bao ke ba ratang nneteng; mme e seng nna feela, empa le bohle ba tsebileng nnete;


Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba halaleditsweng ke Modimo Ntatae, ba boloketsweng Jesu Kreste, ba bitsitsweng:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ