Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 1:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ba re: Banna ba Galelea, le emetseng le lelaletse lehodimong? Jesu enoa ea nketsoeng leholimong ho tsoa ho lōna, o tla tla ka mokhoa oo le mo boneng a ea leholimong ka oona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 ba re: Banna ba Galelea, le ntse le emetseng, le lelaletse lehodimong? Jesu eo ya nketsweng lehodimong a le hara lona, o tla be a tle ka mokgwa oo le mmoneng a eya lehodimong ka wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Yaba ba re: “Banna ba Galelea, le emetseng le shebile lehodimong? Jesu enwa ya nyolletsweng lehodimong, a tloha hara lona, o tla boela a kgutla ka mokgwa oo le mmoneng a nyolohela lehodimong ka wona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Ba re: Banna ba Galelea, le emetseng le lelaletse lehodimong? Jesu enoa ea nketsoeng leholimong ho tsoa ho lōna, o tla tla ka mokhoa oo le mo boneng a ea leholimong ka oona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 1:11
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


Ke moo pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong, mme meloko yohle ya lefatshe e tla lla, mme e tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo ka matla le kganya e kgolo.


Mohla Mora motho a tlang ka kganya ya hae, a ena le mangeloi a halalelang kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


Jwale ba tla bona Mora motho a etla ka maru ka matla a maholo le kganya.


A boela a latola. Kamora nakwana, ba emeng teng ba boela ba re ho Petrose: Kannete, o e mong wa bona;


Eitse hobane Morena a bue le bona, a nkelwa lehodimong, mme a dula ka letsohong le letona la Modimo.


Jwale ba tla bona Mora motho a etla ka leru ka matla le kganya e kgolo.


Eitse ha ba tshohile, ba iname fatshe ka difahleho, ba re ho bona: Ya phelang le mmatlelang hara bafu?


Mme etlare ha ke eya ho le lokisetsa bodulo, ke tla boela ke tle, mme ke le nkele ho nna; hore moo ke leng teng, le lona le be teng.


Ho fihlela letsatsi leo a nyolotsweng ka lona, ka Moya o Halalelang a laetse baapostola bao a neng a ba kgethile.


Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.


Eitse hobane a bolele taba tseo, ba ntse ba tadimile, a nkelwa hodimo; mme leru la mo tlosa mahlong a bona.


A bonwa ka matsatsi a mangata ke ba neng ba nyolohetse le yena ho tloha Galelea ho ya Jerusalema, bao e leng dipaki tsa hae pela setjhaba.


Ba hlollwa bohle, ba hlollwa, ba botsana, ba re: Bonang, bana bohle ba buang na hase Bagalelea na?


Petrose, ha a bona hoo, a araba batho, a re: Banna ba Iseraele, le makalelang hoo? Kapa le re tadimile jwang, jwaloka hoja eka ke ka matla a rona, kapa ka kgalalelo ya rona, re entseng hore motho eo a tsamaye?


Ke yena eo lehodimo le tlamehile ho mo amohela ho fihlela dinakong tsa ho lokisa dintho tsohle, tseo Modimo o di buileng ka melomo ya baporofeta bohle ba hae ba halalelang ho tloha kgale.


le ho lebella Mora wa hae ho tswa lehodimong, eo a mo tsositseng bafung, e leng Jesu, ya re lopolotseng bohaleng bo tlang ho tla.


Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


Ka mokgwa o jwalo Kreste o ile a nyeheloa hang hore a jare dibe tsa ba bangata; mme ho ba mo lebeletseng o tla hlaha kgetlo la bobedi a se na sebe ho isa polokong.


Bonang, o tla ka maru; mme mahlo wohle a tla mmona, le ba mo hlabileng; Leha ho le joalo, Amen.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ