Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 9:30 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Jwale re tla reng? Ke hore, Balichaba ba neng ba sa batle ho loka, ba fihletse ho loka, e leng ho loka ho tsoang tumelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Jwale, re tla reng? Re tla re: Baditjhaba ba neng ba sa batle ho loka, ba fumane ho loka, e leng ho loka ho tswang tumelong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Jwale re tla reng? Re re baditjhaba ba neng ba sa labalabele ho loka ba fumane ho loka, e le ho loka ho tswang tumelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Jwale re tla reng? Ke hore, Balichaba ba neng ba sa batle ho loka, ba fihletse ho loka, e leng ho loka ho tsoang tumelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 9:30
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane motho o dumela ka pelo ho isa ho lokeng; mme boipolelo ka molomo bo etswa polokong.


Empa Esaia o bua ka sebete, o re: Ke fumanwe ke ba sa kang ba mpatla; Ke bonahaditswe ho ba sa kang ba botsa ka nna.


Empa ho loka ho tswang tumelong ho bolela tjena: O se ke wa re pelong ya hao: Ke mang ya tla nyolohela lehodimong? (ke ho re, ho theola Kreste hodimo;)


Empa haeba ho se loke ha rona ho bolela ho loka ha Modimo, re tla reng? A Modimo ha o a loka, o iphetetsang? (Ke bua joalo ka monna.)


O ile a amohela pontsho ya lebollo, e le tiiso ya ho loka ha tumelo eo a neng a ena le yona pele a eso bolle, hore e tle e be ntata bohle ba dumelang, leha ba eso bolle; e le hore le bona ba ka ballwa ho loka.


Hobane pallo ya ho ba mojalefa wa lefatshe ha e a ka ya etswa ho Abrahama le leloko la hae ka molao, empa e le ka ho loka ha tumelo.


Ha ho le jwalo, na lehlohonolo leo le tlela ba bolotseng feela, kapa le bona ba sa bollang? gonne re re, tumelo ya ga Aborahame e ne ya kaiwa tshiamo.


Ka baka leo, kahobane re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste;


Jwale re tla reng? Na ho se loke ho teng ho Molimo? Molimo ha ho joalo.


Empa Iseraele, ka ho hahamalla molao wa ho loka, ha a eso fihle molaong wa ho loka.


Re ntse re tseba hore motho ha a lokafatswe ka mesebetsi ya molao, empa e le ka tumelo ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, hore re tle re bewe ba lokileng ka tumelo ya Kreste, e seng ka mesebetsi ya molao hobane ha ho nama e ke keng ya lokafatswa ka mesebetsi ya molao.


Ka baka leo, molao e bile motataisi wa rona ho re isa ho Kreste, re tle re bewe ba lokileng ka tumelo.


Mme Lengolo le bone e sa le pele hore Modimo o tla bea baditjhaba ba lokileng ka tumelo, la bolella Abrahama Evangeli pele, la re: Ditjhaba tsohle di tla hlohonolofatswa ka wena.


Hobane rona ka Moya re lebeletse tshepo ya ho loka ka tumelo.


Ka nako eo le ne le se na Kreste, le le basele le setjhaba sa Iseraele, le le basele dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.


Mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.


Empa wena, monna wa Modimo, o balehe dintho tsena; mme o latele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le bonolo.


Ka tumelo Noe, eitse hobane a lemoswe ke Modimo ka tse esong ho bonahale, ka tshabo, a lokisa areka ho pholosa ba ntlo ya hae; ka yona o ahlotseng lefatshe, mme a fetoha mojalefa wa ho loka ho tswang ka tumelo.


Hobane nako e fetileng e ne e re lekane ho etsa thato ya baditjhaba, ha re ne re tsamaya bohlola, le ditakatso, le botahwa, le meharo, le menyanya, le tshebeletso ya medimo ya bohata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ