Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 9:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 le hore a tle a tsebise monono wa kganya ya hae hodima dijana tsa mohau, tseo a di lokiseditseng kganya pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 hore o tumise monono wa kganya ya wona ka dipitsa tsa kgauhelo, tseo o neng o di lokiseditse kganya esale pele?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Hape o ne a rata ho tsebahatsa boholo ba tlotla ya hae hodima dibopuwa tse hauhetsweng, tseo a di lokiseditseng tlotla e sa le pele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 le hore a tle a tsebise monono wa kganya ya hae hodima dijana tsa mohau, tseo a di lokiseditseng kganya pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 9:23
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, ho sokollela dipelo tsa bontate ho bana ba bona, le ba sa mameleng bohlaleng ba ba lokileng; ho lokisa setjhaba se lokiseditsweng Morena.


Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane yena ke sejana se kgethilweng ho nna, sa ho jara lebitso la ka pela baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.


Kapa o nyedisa monono wa molemo wa hae, le wa mamello, le wa tiisetso ya hae; o sa tsebe hobane molemo wa Modimo o o isa pakong?


Hobane bao a ba tsebileng esale pele, o bile o ba rere esale pele hore ba tshwane le setshwantsho sa Mora wa hae, hore e tle e be letsibolo hara baena ba bangata.


Ho feta moo, bao a ba reretseng pele, ke bona bao a ba bitsitseng; bao a ba bitsitseng, o bile o ba lokafaditse;


Mahlo a kelello ya hao a ediswe; le tle le tsebe tshepo ya pitso ya wona, le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


Hobane re mosebetsi wa hae, re bopetswe ho Kreste Jesu mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele hore re tsamaye ho yona.


E le hore mehleng e tlang o tle o bonahatse monono o fetisisang wa mohau wa wona ka mohau wa wona ho rona ka Jesu Kreste.


Hore, ho ya ka monono wa kganya ya wona, o le nee ho matlafatswa ka matla ka Moya wa wona mothong wa kahare;


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


le ntse le leboha Ntate ya re entseng hore re lokele ho ja lefa la bahalaledi leseding.


Bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba; e leng Kreste ka ho lona, tshepo ya kganya;


Hobane Modimo ha o a re bea ho halefa, empa e le ho rua pholoho ka Morena wa rona Jesu Kreste.


Ekare ha motho a itlhwekisa ho tseo, e tla ba pitsa e hlomphuwang, e kgethetsweng, e loketseng mong wa yona, e lokiseditsweng mosebetsi o mong le o mong o molemo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ