Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Hobane re bolokehile ka tshepo, empa tshepo e bonwang hase tshepo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Hobane re bolokehile ka tebello; athe se lebeletsweng ha se se se bonwe, ha e sa le tebello; hobane seo motho a se bonang, a ka se lebella jwang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Re pholositswe ka ho lebella ka tshepo, empa ho lebella se seng se le teng ha e sa le ho tshepa, hobane motho a ka lebella jwang seo a seng a ena le sona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Hobane re bolokehile ka tshepo, empa tshepo e bonwang hase tshepo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:24
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Thabang tšepong; mamello matshwenyehong; le phehelle thapelong;


Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le kgotsong ya ho dumela tumelong, le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.


Hobane tsohle tse ngodilweng pele, di ngotswe ho re ruta, hore ka mamello le ka tshediso ya Mangolo re tle re be le tshepo.


Ke yena ya dumetseng ka tshepo, ho se na tshepo, hore e tle e be ntata ditjhaba tse ngata, ka polelo e reng: Leloko la hao le tla ba jwalo.


Ke yena eo hape re nang le katamelo ka tumelo mohaung ona oo re emeng ho wona, mme re ithorise ka tshepo ya kganya ya Modimo.


Hobane dibopuwa di beilwe tlasa lefeela, e seng ka ho rata, empa ka baka la ya di beileng ka tlase ho tshepo.


Mme jwale, tsena tse tharo ke tumelo, le tshepo, le lerato; empa e kgolo ho tsona ke lerato.


Re ntse re sa talime tse bonahalang, empa re talima tse sa bonahaleng; empa tse sa bonahaleng ke tsa ka ho sa feleng.


(Hobane re tsamaea ka tumelo, eseng ka pono;)


Hobane rona ka Moya re lebeletse tshepo ya ho loka ka tumelo.


Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;


Bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba; e leng Kreste ka ho lona, tshepo ya kganya;


Hobane tshepo eo le e boloketsweng lehodimong, eo le e utlwileng pele ka lentswe la nnete ya Evangeli;


Empa rona, rona ba motsheare, a re keng re hlaphohelwe kelellong, re apare tshireletso ya sefuba ya tumelo le lerato; le helmete ke tšepo ea poloko.


Jwale, Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo, Ntata rona, ya re ratileng, mme ka mohau wa rona a re nea matshediso a sa feleng le tshepo e molemo.


e le hore ka ho lokafatsa ka mohau wa hae, re be majalefa, ho ya ka tshepo ya bophelo bo sa feleng.


Jwale tumelo ke ho ba le bonnete ba dintho tse lebeletsweng, ke pontsho ya tse sa bonahaleng.


Bao le dumelang ka yena ho Modimo o mo tsositseng bafung, wa mo nea kganya; hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka boholo ba mohau wa wona o re tswaletseng hape hore re be le tshepo e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung.


E mong le e mong ya nang le tshepo eo ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha yena a hlwekile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ