Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Hobane dibopuwa di lebeletse ka tjheseho ho bona ponahatso ya bana ba Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hobane tse bopilweng kaofela di lebeletse ponahalo ya bana ba Modimo ka hlolohelo e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Dihlodilweng tsohle di lebeletse ka tlholohelo e kgolo ho bonahatswa ha bana ba Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Hobane dibopuwa di lebeletse ka tjheseho ho bona ponahatso ya bana ba Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:19
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho lehlohonolo ba bopang kgotso, hobane ba tla bitswa bana ba Modimo.


Empa bohle ba mo amohetseng, a ba nea matla a ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitsong la hae;


Ke yena eo lehodimo le tlamehile ho mo amohela ho fihlela dinakong tsa ho lokisa dintho tsohle, tseo Modimo o di buileng ka melomo ya baporofeta bohle ba hae ba halalelang ho tloha kgale.


Hobane bohle ba tataisoang ke Moea oa Molimo, ke bana ba Molimo.


Mowa ka osi o paka le moya wa rona, hore re bana ba Modimo;


Hobane ke lekanya hoba mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanela ho lekanngwa le kganya e tlang ho senolwa ho rona.


Mme e seng tsona feela, empa le rona ba nang le dithakangwaha tsa Moya, le rona ka borona re a fehelwa ka hare ho rona, re lebeletse ho nkelwa bana, e leng topollo ya mmele ya rona.


Mme etlare moo ho neng ho itswe ho bona: Ha le setjhaba sa ka; teng ba tla bitswa bana ba Modimo o phelang.


E le hore le se ke la hloloheloa neo leha e le efe; re lebeletse ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste.


Ke yena ya tla le tiisa ho isa qetellong, le tle le hloke sekodi ka letsatsi la Morena wa rona Jesu Kreste.


Ke tla ba Ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho rialo Morena ya matla wohle.


Hobane bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste.


ho ya ka tebello ya ka e tiileng le ka tshepo ya ka, hore nke ke ka hlajwa ke dihlong ka letho, empa e le ka tshepo yohle, jwaloka kamehla, le jwale Kreste o tla hodiswa mmeleng wa ka, leha e ka ba ka bophelo, leha e le ka lefu.


Etlare ha Kreste e leng bophelo ba rona a hlaha, le lona le tla hlaha le yena kganyeng.


Mme lentswe lena le reng: Hang hape, le bolela ho tloswa ha tse sisinyehang, jwaloka tse entsweng, ho tle ho dule tse sa sisinyeheng.


Ka baka leo, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le hlaphohelwe, le tshepe ka ho sa feleng mohau oo le tla o tlisetswa ka tshenolo ya Jesu Kreste;


E le hore ho lekwa ha tumelo ya lona, e leng ya bohlokwa ho feta kgauta e timelang, leha e lekwa ka mollo, ho tle ho fihlelwe e le thoriso, le hlompho, le kganya mohla Jesu Kreste a hlahang.


Bonang, ke lerato le jwang leo Ntate a re ratileng ka lona, hore re bitswe bana ba Modimo;


Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme ha ho eso bonahatswe seo re tla ba sona; hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Ya hlolang o tla rua tsohle; mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ