Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 8:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Mme ha re le bana, re majalefa: majalefa a Modimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utlwa bohloko le yena, re tle re newe kganya le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ha re le bana ba Modimo, re majalefa, majalefa a Modimo; re majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re ena le kabelo mahlokong a hae, hore re tle re be le kabelo tlotlisong ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 8:17
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.


Mong wa hae a re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane!


Se boifeng, letsomanyane; hobane ho kgahlile Ntata lona ho le nea mmuso.


Na Kreste o ne a sa tšoanela ho utloisoa bohloko ke lintho tseo, le ho kena khanyeng ea hae?


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be le nna; hore ba tle ba bone kganya ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile pele lefatshe le thewa.


Ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Mme jwale, banabeso, ke le laeletsa ho Modimo, le ho lentswe la mohau wa wona, o nang le matla a ho le haha, le ho le nea lefa hara bahalaledi bohle.


Ho tutubolla mahlo a bona, le ho ba tlosa lefifing ho ya leseding, le ho tloha matleng a Satane ho ya ho Modimo, ba tle ba amohele tshwarelo ya dibe, le lefa hara ba halaleditsweng ka tumelo e ho nna.


Hobane ha lefu le busitse ka tshito ya motho a le mong; haholo ba amohelang bongata ba mohau le ba neo ya ho loka ba tla busa bophelong ka a le mong, e leng Jesu Kreste.


Hobane seo molao o neng o sitwa ho se etsa, kahobane o ne o fokola ka nama, Modimo o ahlotse sebe nameng ka ho roma Mora wa wona ka sebopeho sa nama ya boetsadibe;


Empa jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa kena pelong ya motho.


Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atile, matshediso a rona le wona a re atile ka Kreste.


Mme tsholofelo ya rona ka ga lona e nitame, ka re itse gore, jaaka lo tlhakanetse mo dipogong, le lona lo tlaa nna le seabe mo kgomotsong.


Mme ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ho ya ka pallo.


Ka baka leo, ha o sa le mohlanka, empa o mora; mme ha e le mora, ke mojalefa wa Modimo ka Kreste.


hore baditjhaba e tle e be majalefa hammoho le mmele o le mong, le ba nang le kabelo pallong ya hae ka Kreste ka Evangeli.


Hobane le neilwe ka baka la Kreste, e seng ho dumela ho yena feela, empa le ho hlokofatswa ka baka la hae;


Hore ke tle ke mo tsebe, le matla a tsoho ya hae, le kopano ya mahloko a hae, ke tle ke tshwantshe le lefu la hae;


Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;


e le hore ka ho lokafatsa ka mohau wa hae, re be majalefa, ho ya ka tshepo ya bophelo bo sa feleng.


Na kaofela hase meya e sebeletsang, e rometsweng ho sebeletsa bao e tla ba majalefa a poloko?


Mehleng ena ya bofelo o buile le rona ka Mora wa hae, eo a mmeileng mojalefa wa dintho tsohle, eo ka yena a entseng mafatshe.


Ke moo Modimo o ratileng haholo ho bontsha majalefa a pallo ho se fetohe ha morero wa wona, o o tiisitse ka kano.


Banabeso ba ratwang, mamelang: Na Modimo ha o a ka wa kgetha mafutsana a lefatshe lena hore e be barui ba tumelo, le majalefa a mmuso oo o o tshepisitseng ba o ratang na?


Re tla rua lefa le sa boleng, le sa silafalang, le sa senyeheng, leo le le boloketsweng lehodimong.


Empa thabang, kahobane le bile le kabelo mahlokong a Kreste; hore mohla kganya ya hae e bonahatswang, le tle le thabe ka thabo e fetisisang.


Ya hlolang o tla rua tsohle; mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.


Ya hlolang ke tla mo nea ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ